Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 8:21 - BIBELE

21 Balevi ba itlhwekisa, ba hlatswa diaparo tsa bona, mme Arone a nyehela ka bona kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang, mme a ba etsetsa tefelo ya sebe ho ba hlwekisa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Balevi ba itlhwekisa, ba hlatswa diaparo tsa bona. Aarone a ba hlahisa pela Jehova e le kabelo e tsokotswang, a ba etsetsa pheko hore ba tla ba hlweke.

Ver Capítulo Copiar




Numere 8:21
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho setjhaba, o re se itlhwekise kajeno le hosasane; se hlatswe le diaparo tsa sona.


Moprista ya etsang tshebeletso ya tlhwekiso o tla emisa motho eo ya hlwekiswang, mmoho le dinyehelo tsena tsohle, monyakong wa Tente ya Morena, kapele ho Morena.


O tla itlhwekisa ka metsi ao ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa, mme jwale e tla ba o hlwekile.


Ka letsatsi la boraro le la bosupa, monna eo ya hlwekileng o tla foka enwa ya sa hlwekang, mme a mo hlwekise ka letsatsi la bosupa. Monna enwa ya sesila jwale o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme ka phirimana o tla be a hlwekile.


“Bona, nna ka sebele ke nkile Balevi hara bana ba Iseraele, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele. Balevi e tla ba ba ka,


Kamora moo, Balevi, ba tla kena ka Tenteng ya Morena ho ya sebeletsa. O tla ba hlwekisa, ebe o nyehela ka bona, e le nyehelo e akgotswang.


Bo-Moshe, le Arone, le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ba etsa jwalo ho Balevi. Ho ya ka tsohle tseo Morena a neng a di laetse Moshe, malebana le Balevi, bana ba Iseraele ba etsa Balevi jwalo.


Kamora moo, Balevi ba kena ka Tenteng ya Morena ho ya sebeletsa ba le tlasa taolo ya Arone le bara ba hae. Jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, malebana le Balevi, ba etsa Balevi jwalo.


Ha o ba hlwekisa, o ba etse tjena: O ba foke ka metsi a tlhwekiso, ba ipeole mmele wohle ka lehare, ba hlatswe diaparo tsa bona, ba itlhwekise.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos