Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 8:20 - BIBELE

20 Bo-Moshe, le Arone, le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ba etsa jwalo ho Balevi. Ho ya ka tsohle tseo Morena a neng a di laetse Moshe, malebana le Balevi, bana ba Iseraele ba etsa Balevi jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Moshe, le Aarone, le phutheho yohle ya bana ba Iseraele ba etsa bakeng sa Balevi tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe bakeng sa Balevi: bana ba Iseraele ba fela ba etsa jwalo bakeng sa bona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 8:20
7 Referencias Cruzadas  

Bana bohle ba Iseraele ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe le Arone.


O kgethe Balevi hore e be bona balebedi ba Tente ya Morena, e kentseng areka ya selekane, le balebedi ba dijana tsohle tsa yona, le thepa yohle ya yona. Ba tla jara Tente le dijana tsohle tsa yona, e be basebeletsi ka ho yona, mme diahelo tsa bona di e potapote.


Bana ba Iseraele ba etsa jwalo; ba etsa tsohle jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Hara bana ba Iseraele, Balevi ke ba neile Arone le bara ba hae, hore Balevi ba tle ba sebeletse bana ba Iseraele ka Tenteng ya Morena, ba etsetse bana ba Iseraele tefelo ya sebe hore ho se tshohe ho eba le sewa hara bana ba Iseraele, ha ba atamela Sehalalelong.”


Balevi ba itlhwekisa, ba hlatswa diaparo tsa bona, mme Arone a nyehela ka bona kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang, mme a ba etsetsa tefelo ya sebe ho ba hlwekisa.


Leha leru le ne le ka kgurumetsa Tente ya Morena ka matsatsi a mabedi, kapa kgwedi, kapa ho feta moo, mme le itulela hodima Tente ya Morena, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba hlole diahelong, ba se ke ba tswela pele leetong. Empa ha leru le ne le phahama, ba ne ba ye ba tswele pele leetong.


Ka letsatsi la leshome le metso e mene, la kgwedi ya pele, ka phirimana, bana ba Iseraele ba etsa mokete wa Paseka ba le lehwatateng la Sinai. Bana ba Iseraele ba etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos