Kamora tseo, Balevi ba kena ho etsa tshebetso ya tente ya pokano, pontsheng ya Aarone le bara ba hae; kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng bakeng se Balevi, ha fela ha etswa jwalo bakeng sa bona.
Tse beetsweng Balevi ke tsena: Ho tloha selemong sa hae sa mashome a mabedi a metso e mehlano, le ho ya pele, Molevi e mong le e mong o tla kena tshebetsong ya tente ya pokano;