Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 8:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Tse beetsweng Balevi ke tsena: Ho tloha selemong sa hae sa mashome a mabedi a metso e mehlano, le ho ya pele, Molevi e mong le e mong o tla kena tshebetsong ya tente ya pokano;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 “Ona ke molao ho Balevi: Ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ho ya hodimo, Balevi ba tla kena lenaneng la ba sebeletsang ka Tenteng ya Morena.

Ver Capítulo Copiar




Numere 8:24
16 Referencias Cruzadas  

Balevi ba balwa ho tloha ho ba dilemo tse mashome a mararo le ba kapele; ha ba balwa ka dihlooho, ha fumanwa batho ba dikete tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi.


le baprista, ba ngodilweng ka matlo a bontata bona moholo, le Balevi, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele, ka dikabelo tsa bona le ka dihlopha tsa bona;


Empa Balevi, bona ba tla bofolla ka mathokong wohle a tabernakele ya bopaki, hore kgalefo ya ka e tle e se ke ya tukela phutheho ya bana ba Iseraele; Balevi ba tla boloka tabernakele ya bopaki.


O ba ngole ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ke ho re, bohle ba ka etsang tshebetso ya tente ya pokano.


ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ke ho re, bohle ba ka etsang tshebetso ya tente ya pokano.


O ba ngole ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, ke ho re, bohle ba ka etsang tshebetso ya tente ya pokano.


ho qala ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho isa ho ba dilemo tse mashome a mahlano, bohle ba kenang tshebetsong ya tente ya pokano,


Jehova a bua le Moshe, a re:


ha a le dilemo tse mashome a mahlano o tla tswa tshebetsong, mme a ke ke a hlola a e etsa.


Ke mang ya yang ntweng ka mefaho ya hae? Ke mang ya hlomang morara, mme a sa je dijo tsa wona na? Ke mang ya disang mohlape, mme a sa je lebese la mohlape na?


hobane dibetsa tsa ntwa ya rona hase tsa nama, empa di le matla ka Modimo ho diha diqhobosheane.


Timothea, ngwana ka, taelo eo ke o beelang yona ke hore, jwalokaha ho kile ha porofetwa pele hodima hao, o nne o lwane ntwa e molemo, o ntse o eya ka tseo tse porofetilweng;


Lwana ntwa e ntle ya tumelo, o hape bophelo bo sa feleng, boo o bo bileditsweng, kamoo o seng o ipoletse kateng, ka bokgabane pela dipaki tse ngata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos