Yare Iseraele ha a sa aheletse naheng eo, Rubene a ya robala le Bilha, serethe sa ntatae; mme Iseraele a utlwa taba eo.
Numere 7:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ya kileng a hlahisa kabelo ya hae ka tsatsi la pele, ya eba Nasone, mora Amminadabe, wa leloko la Juda. BIBELE Kgosana e ileng ya etsa nyehelo ya yona ka letsatsi la pele ya eba Naheshone, mora wa Aminadabe, wa morabe wa Juda. |
Yare Iseraele ha a sa aheletse naheng eo, Rubene a ya robala le Bilha, serethe sa ntatae; mme Iseraele a utlwa taba eo.
Bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e mmedi. Bara ba Lea ke Rubene, mora wa Jakobo wa letsibolo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Issaskare, le Sabulone.
Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.
Juda, ke wena eo banabeno ba tlang ho o rorisa; letsoho la hao le tla ba hodima melala ya dira tsa hao, bana ba ntatao ba tla inama pela hao.
Ke ana mabitso a banna ba tlang ho le thusa: Lelokong la Rubene, ke Elitsure, mora Shedeure;
Folaga ya ntlo ya bana ba Juda ya tloha pele: ba tloha ka makgotla a bona; lekgotla la Juda le ne le laolwa ke Nasone, mora Amminadabe;
Ka nqa botjhabela, pela tente, ho hlongwe folaga ya ntlo ya Juda, ka lekgotla la yona; ke morena wa banna ba Juda, Nasone, mora Amminadabe,
Jehova a re ho Moshe: Marena a ke a hlahise dikabelo tsa wona tsa ho kgakola aletare e mong ka tsatsi le leng, e mong ka le leng.
Kabelo ya hae ya eba mokeke wa silefera, boima ba wona e le dishekele tse lekgolo le nang le mashome e mararo; le morifi wa silefera, tse mashome a supileng, o leng dishekele tsa sehalalelo; tse pedi tseo di ne di tletse lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo;