O se ke wa nwa veine, leha e le jwala, wena, leha e le bara ba hao, bao o nang le bona, ha le se le tla kena tenteng ya pokano, hore le tle le se ke la shwa. Ke taelo ya kamehla melokong ya lona yohle e tlang ho tla,
Numere 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) o tla itima veine le tse tahang; a se ke a nwa asene e entsweng ka veine, leha e le asene e entsweng ka tse tahang; a se ke a nwa dino tse entsweng ka ditholwana tsa morara, mme a se ke a ja ditholwana tsa morara tse ntjha, leha e le lengangajane la tsona. BIBELE o tla ila veine le jwala. A se ke a nwa asene e entsweng ka veine, kapa a nwa asene e tahang. A se ke a nwa lero la morara. A se ke a ja morara o motjha kapa wa mangangajane. |
O se ke wa nwa veine, leha e le jwala, wena, leha e le bara ba hao, bao o nang le bona, ha le se le tla kena tenteng ya pokano, hore le tle le se ke la shwa. Ke taelo ya kamehla melokong ya lona yohle e tlang ho tla,
mme ke tsositse baporofeta hara bana ba lona, le hara bahlankana ba lona ke tsositse banasari. Na ha ho jwalo, bana ba Iseraele? ho bolela Jehova.
Empa le nositse banasari veine; haele baporofeta, le ba laetse, la re: Le se ke la porofeta.
Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae, a se ke a ja letho le tswang morareng, ho qala ka thootsenyana ya tholwana ho isa ho letlalo la yona.
Hobane o tla ba moholo pela Morena, ha a ka ke a nwa veine le seno se tahang; o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.
Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;
O se ke wa hlola o enwa metsi feela, empa o no nwa le veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la dipabo tsa hao tse ngata.
e leng dijo le dino feela, le dihlatsuo tse ngata, le mekgwa ya nama, e beilweng ho be ho fihle nako ya tokiso.
a se ke a ja letho le tswang morareng, a se ke a nwa veine, leha e le seno se bodila, mme a se ke a ja letho le ditshila; a boloke tsohle tseo ke mo laetseng tsona.
Mme jwale, o tle o iponele hle; o se ke wa nwa veine, leha e le seno se bodila, mme o se ke wa ja letho le ditshila.