Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 9:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 e leng dijo le dino feela, le dihlatsuo tse ngata, le mekgwa ya nama, e beilweng ho be ho fihle nako ya tokiso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ke tse amanang le dijo, le dino, le ho itlhatswa ha mefutafuta, e leng meetlo ya botho feela, e neng e tla sebetsa ho fihlela Modimo a lokisa dintho botjha.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 e leng tse di jewang feela, le dino, le dihlatso tse fapaneng, le melao ya nama, e beilweng ho isa nakong ya tokiso.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 E leng tse di jewang feela, le dino, le dihlatso tse fapaneng, le melao ya nama, e beilweng ho isa nakong ya tokiso.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 9:10
32 Referencias Cruzadas  

O ntoo atametsa Aarone le bara ba hae pela monyako wa tente ya pokano, o ba hlatswe ka metsi.


O ntoo atametsa Aarone le bara ba hae monyako wa tente ya pokano, o ba hlatswe ka metsi.


Ka mpa ka re: Oho Morena Jehova, bona, moya wa ka ha o eso ho silafale; ha ke eso ho je, ho qala botjheng ba ka le ho fihlela jwale, kapa ntho e shweleng, kapa phoofolo e rusolotsweng, mme ha ho eso ho be nama e putileng e keneng molomong wa ka.


Empa seaparo, kapa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, leha e le mosebetsi ofe le ofe wa letlalo o hlatswitsweng moo letheba le hlakohileng, o tla hlatsuwa la bobedi, mme o tla hlweka.


o tla hlatswa mmele wa hae metsing, nqalong e halalelang, mme o tla boela a apare diaparo tsa hae. Hamorao, o tla tswa, a hlabe setjheso sa hae le setjheso sa setjhaba, a iketsetse pheko, a etsetse le setjhaba.


O tla ikapesa ka kojwana e kgethehileng ya lene, a tene mmeleng wa hae borikgwana ba lene, a itlame ka senyepa sa lene, a rwale lesela la lene hloohong; ke tsona diaparo tse kgethehileng, tseo a tlang ho ikapesa ka tsona, ha a se a hlatswitse mmele wa hae metsing.


ya amileng ntho tseo, o tla ba sesila ho isa mantsiboya, mme a ke ke a ja dintho tse kgethehileng, empa o tla hlatswa mmele wa hae metsing.


o tla itima veine le tse tahang; a se ke a nwa asene e entsweng ka veine, leha e le asene e entsweng ka tse tahang; a se ke a nwa dino tse entsweng ka ditholwana tsa morara, mme a se ke a ja ditholwana tsa morara tse ntjha, leha e le lengangajane la tsona.


Hape, leha ba etswa moo ho rekelwang teng, ha ba je ha ba sa ka ba tola pele. Ho sa na le mekgwa e mengata e meng eo ba e nkileng ho e boloka, e kang ho hlatswa mehope, le dipitsa, le merifi ya koporo, le malao.


empa jwale, ha le tsebile Modimo, mme haholo ha le tsebilwe ke Modimo, ana le kgutlela jwang ditabeng tsa qalo, tse fokolang, tse fumanehileng, tseo le ratang le ka boela la tlangwa ke tsona?


hore, etlere nako tse beilweng ke wona ha di se di phethehile, o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse lehodimong, leha e le tse lefatsheng.


O fedisitse ka nameng ya hae sebaka sa hloyano, e leng molao wa ditaelo tse laelwang; hore ba babedi a ba fetole ka ho yena motho a le mong, e motjha, ka ho etsa kgotso;


Baholo bohle ba motse oo o leng haufi le motho ya bolailweng, ba tla hatlela matsoho hodima sethole seo se robilweng molala molapong.


Ha e se e batla e eba mantsiboya, a ke a itlhatswe ka metsi, mme a boele diahelong, ha letsatsi le diketse.


Ka baka leo, motho a se ke a le nyatsa tabeng ya ho ja le ya ho nwa, leha e le tabeng ya mekete, le ya dikgwedi tse ntjha, le ya disabatha,


a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.


Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tseo e leng dithuto disele; hobane ho hotle ha motho a tiisa pelo ya hae ka mohau, e seng ka dijo tse sa kang tsa thusa ba di tshepileng.


Hobane lefatshe le tlang ho tla leo re le bolelang, ha o a ka wa le bea pusong ya mangeloi.


le wa thuto ya dikolobetso, le wa peo ya matsoho, le wa tsoho ya bafu, le wa kahlolo ya ho sa feleng.


ba latswitseng lentswe le monate la Modimo, le matla a bophelo bo tlang ho tla,


Hobane boprista ha bo fetohile, molao le wona e ka kgona o fetohe.


ya sa bewang ka molao wa leloko la nama, empa e leng ka matla a bophelo bo se nang ho fela.


Ha ho le jwalo, selekane sa pele se ne se na le melao ya tshebeletso, le sehalalelo e leng sa lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos