Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 9:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Empa Kreste, moprista e moholo wa menono e tlang ho hlaha, ha a pholleditse ka tabernakele e fetisang ka boholo le ka botle, e leng e sa kang ya etswa ka matsoho, ke ho re, eo e seng ya popo ena,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Jwale Kreste o tlile e le Moprista e Moholo wa tse molemo tse tlang ho tla. Tente eo a sebeletsang ho yona e kgolo, mme e phethehile ho feta ya pele. Ha e a etswa ke motho, e leng ho re hase ya lefatshe lena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Empa Kreste, ha a se a tlile, e le moprista e moholo wa tse molemo tse tlang ho tla, ka tabernakele e fetisang ka boholo, e phethehileng ka ho fetisa, e sa kang ya etswa ka matsoho, ke ho re, e seng ya moaho ona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Empa Kreste, ha a se a tlile, e le moprista e moholo wa tse molemo tse tlang ho tla, ka tabernakele e fetisang ka boholo, e phethehileng ka ho fetisa, e sa kang ya etswa ka matsoho, ke ho re, e seng ya moaho ona;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 9:11
30 Referencias Cruzadas  

Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Ke moo ke itseng: Bona, ke a tla, kamoo ho ngodilweng taba tsa ka kateng, mmenong wa buka.


Molopolli o tla tla Sione, a tle le ho ba Jakobo ba tlang ho baka dibeng tsa bona: Ho bolela Jehova.


Ke tla ba hlwekisa bokgopong bohle ba bona, boo ba ntshitetsweng ka jona, ke ba leselle dibe kaofela tseo ba ntshitetsweng ka tsona, tseo ba nkwenehetseng ka tsona.


Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.


a re ho yena: Ana ke wena ya boletsweng, ha thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?


Le wena Bethlehema, fatshe la Juda, ha o monyenyane hara metse e meholo ya Juda, hobane ho tla tswa ho wena motsamaisi ya tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Re mo utlwile a re: Ke tla qhaqha tempele ena e entsweng ka matsoho, ke hahe e nngwe ka matsatsi a mararo, e sa etswang ka matsoho.


Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.


Mosadi a re ho yena: Ke a tseba hobane Messia, ya bitswang Kreste, o tla tla; mohla eo a tlileng, o tla re tsebisa tsohle.


Empa Ya hodimodimo a ke ke a aha ditempeleng tse entsweng ka matsoho, jwalokaha moporofeta a boletse, a re:


ha re fela re sa tadime tse bonahalang, re mpa re tadima tse sa bonahaleng; hobane tse bonahalang ke tsa mehla ena feela: empa tse sa bonahaleng ha di ka ke tsa eba le bofelo.


Efela re a tseba hoba mohla ntlo ena ya rona ya lefatshe, e kang motlotlwane, e senyehang, re na le leaho mahodimong le tswang ho Modimo, e leng ntlo e sa kang ya etswa ka matsoho, e sa feleng.


Le hona le bolotse ka ho yena ka lebollo le sa etswang ka letsoho, e leng ho hlobola mmele wa nama, ka lebollo la Kreste.


Hobane molao erekaha o ne o na le seriti feela sa menono e tlang ho hlaha, e seng sebele sa dintho, o sitilwe ruri ho phethisa barapedi ka mahlabelo a hlahiswang ka selemo se seng le se seng.


Mme ha a re: Hang hape, ke ho lekanya hoba o tla fedisa dintho tse sisinngwang, etswe e le tse bopilweng, hore tse sa sisinyeheng di tiye kamehla.


Hobane mona, ha re na motse o tiyang, empa re batla o tlang ho hlaha.


Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ke le lemohe Jesu Kreste, moapostola le moprista e moholo wa tumelo eo re leng ho yona;


Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.


Ke Melkisedeke eo, morena wa Saleme, le moprista wa Modimo o moholoholo, ya neng a ye ho kgahlanyetsa Abrahama, mohla a neng a sa tswa qhala marena, a ba a mo hlohonolofatsa;


Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.


Hobane bathetsi ba bangata ba kene lefatsheng, ba sa boleleng Jesu Kreste ya tlileng nameng. Ya jwalo ke mothetsi le antikreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos