La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 6:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ke oo molao wa ya iketsang monasari ka kano; ke eo nyehelo ya monasari ho Jehova, ho sa balwe tsee a ka nnang a mo abela tsona kamoo matla a hae a leng kateng: o tla phetha se laelwang bakeng sa kano ya hae kamoo molao wa bonasari o leng kateng.

Ver Capítulo

BIBELE

“ ‘Ona ke molao wa mokgethwa wa Modimo, ya ikanneng. Ena ke nyehelo ya hae ho Morena, ka baka la kgalaletso ya hae, feela ho sa balwe tse ding, tseo a ka tsebang ho di tlisa. Kathoko ho tsena tse hlokwang ke molao wa kgalaletso, mokgethwa wa Modimo o tla phetha tsohle ho ya ka kano eo a ikanneng ka yona.’ ”

Ver Capítulo



Numere 6:21
7 Referencias Cruzadas  

Hape, ka ho ikutlwa matla a bona, ba ntshetsa bobolokelo ba tjhelete tsa mosebetsi didarike tsa kgauta tse dikete tse mashome a tsheletseng a motso o mong, le dimina tsa silefera tse kete tse hlano, le diaparo tse lekgolo tsa baprista.


Ke oo molao wa poulelo. Etlare hobane mosadi ya leng matleng a monna a kgelohe, mme a itshenye,


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha monna, kapa mosadi, a ikgethetse ho ineela Jehova ka kano ya bonasari,


moprista o tla di tsokotsa jwaloka nyehelo e tsokotswang pela Jehova: ke ntho e kgethehileng ya moprista hammoho le sefuba se tsokotswang le letsoho le emisitsweng. Kamora tseo, monasari a ka nwa veine.


Jehova a bua le Moshe, a re:


Ya rutwang Lentswe a ke a qotsetse ya mo rutang mesebetsing ya hae yohle.


Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Modimo o kgahliswa ke mahlabelo a jwalo.