Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Ekare ha mosadi wa monna a kgeloha, mme a mo sitelwa;
Numere 5:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moprista o tla hlapantsha mosadi, a re ho yena: Ha ho se monna ya robetseng le wena, ha wena o leng matleng a monna o sa ka wa mo furalla o tle o itshenye, o ke o phonyohe metsing ana a babang, a tlisang thohako. BIBELE Jwale moprista o tla hlapantsha mosadi eo, a re ho yena: Haeba ha ho monna eo o ileng wa feba le yena, mme eba ha o eso etse phoso ka ho itshilafatsa le monna e mong, ha o ntse o le taolong ya monna wa hao, metsi ana a letswai a se ke a o tlisetsa thohako. |
Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Ekare ha mosadi wa monna a kgeloha, mme a mo sitelwa;
moprista o tla emisa mosadi pela Jehova; o tla kwaholla hlooho ya mosadi, a bee diatleng tsa hae nyehelo ya kgopotso, e leng nyehelo ya poulelo; mme moprista o tla nka ka letsohong la hae metsi a babang a tlisang thohako.
Empa ha mosadi a sa ka a itshenya, mme ha a hlwekile, a ke ke a hlahelwa ke letho, mme o tla nne a emole.
Empa Jesu a kgutsa. Yaba moprista e moholo o boela a bua, a re ho yena: Ke u antsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle haeba o Kreste, Mora wa Modimo.
Ho jwalo, mosadi ya pusong ya monna o bofeletswe ho monna wa hae ke molao, monna ha a sa phela; empa ha monna a eshwa, eba o holotswe molaong wa monna.