La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 33:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Moshe a ngola maeto a bona ho tloha nqalong e nngwe ho isa ho e nngwe ka taelo ya Jehova. Ke ana maeto a bona, kamoo ba tsamaileng kateng:

Ver Capítulo

BIBELE

Ka taelo ya Morena, Moshe a ngola mabitso a dibaka tseo ba neng ba ntse ba tloha ho tsona, ka ho latelana. Ana ke maeto ho ya ka dibaka tseo ba neng ba tloha ho tsona.

Ver Capítulo



Numere 33:2
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o re ho Moshe: Ngola taba ena bukeng, e be kgopotso, o be o e phete ditsebeng tsa Joshua, hoba ruri ke tla timeletsa le ho hopolwa ha Amaleke katlasa lehodimo.


Ya eba hona ba qalang ho tloha ka taelo ya Jehova, eo ba e neilweng ka Moshe.


Etlare ha le boela le di letsa haholo la bobedi, makgotla a ka nqa borwa a tla tloha; di tla letswa haholo hore makgotla a tlohe.


Ke ana maeto a bana ba Iseraele haesale ba etswa naheng ya Egepeta, ka makgotla a bona a neng a tsamaiswa ke Moshe le Aarone.


Ba tloha Ramsese ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya pele. Ka tsatsi le hlahlamang la Paseka, bana ba Iseraele ba tswa ka matla pontsheng ya Baegepeta kaofela,


Ho tloha Horebe, ho ya fihla Kadeshe-Barnea, ka tsela ya thaba ya Seire, ke matsatsi a leshome le motso o mong.


Yaba Jehova o re ho nna: Ema o tsamaye, o etelle setjhaba pele, hore ba kene lefatsheng leo ke anetseng bontata bona hore ke tla ba fa lona, ba le rue.