Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 33:2 - BIBELE

2 Ka taelo ya Morena, Moshe a ngola mabitso a dibaka tseo ba neng ba ntse ba tloha ho tsona, ka ho latelana. Ana ke maeto ho ya ka dibaka tseo ba neng ba tloha ho tsona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Moshe a ngola maeto a bona ho tloha nqalong e nngwe ho isa ho e nngwe ka taelo ya Jehova. Ke ana maeto a bona, kamoo ba tsamaileng kateng:

Ver Capítulo Copiar




Numere 33:2
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena o re ho Moshe: “Ngola ditaba tsena bukeng, e tle e be kgopotso. O be o phetele Joshua hore ke tla fedisa Baamaleke lefatsheng, hoo ba ke keng ba hlola ba hopolwa le kgale.”


Ba tswela pele leetong la bona lekgetlo la pele, jwalokaha Morena a ne a ba laetse ka Moshe.


Ha o hlaba mokgosi wa bobedi ka terompeta, ba diahelong tse ka borwa ba tla tswela pele leetong. Kamehla ha ho hlwajwa mokgosi, ba tla tswela pele maetong a bona.


Ana ke maeto a bana ba Iseraele, ha ba ne ba falla naheng ya Egepeta ka mabotho a bona, ba le tsamaisong ya Moshe le Arone.


Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya pele, ba tloha Ramesese, ka letsatsi le hlahlamang la Paseka. Bana ba Iseraele ba tloha ka ditlatse tsa thabo, pontsheng ya Baegepeta bohle.


Ho tloha Horebe ho ya Kadeshe-Barenea, ka tsela e tsamayang thabeng ya Seire, ke leeto la matsatsi a leshome le motso o mong.


Morena a re ho nna: ‘Ema, o tswele pele leetong, o etelle setjhaba sena pele. Sona se tla kena, se hape naha eo ke hlapanyeditseng bo-ntata sona hore ke tla se nea yona.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos