La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 32:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Moshe a araba bara ba Gade le bara ba Rubene, a re: Hleka banababo lona ba tla ya ntweng, lona le setse kwano na?

Ver Capítulo

BIBELE

Yaba Moshe o re ho bara ba Gade le ho bara ba Rubene: “Bana babo lona ba ile ntweng; lona le kgotsofalla ho dula moo?

Ver Capítulo



Numere 32:6
6 Referencias Cruzadas  

Uria a re ho Davida: Areka le Baiseraele, le Bajuda, ba dutse metlotlwaneng; le monga ka Joabe, le bahlanka ba morena ka ba emisitse hara naha; ha ho le jwalo, nka kena jwang tlung ya ka, le ho ja, le ho nwa, le ho robala le mosadi wa ka? Ka ho phela ha hao, le ka moya wa hao o phelang, nke ke ka etsa jwalo.


Ba eketsa ba re: Haeba re fumane mohau pela mahlo a hao, naha eo e ke e newe bahlanka ba hao, ba e rue; o se ke wa re tshedisa Jordane.


A ke ka baka lang le ratang ho nyebisa bana ba Iseraele ho tshelela naheng eo Jehova a ba neileng yona?


Ha le etse ho swabisang, ha le ipatlele tsa lona, ha le halefe, ha le hopole bobe.


E mong le e mong a se ka a hlokomela tseo e leng tsa hae feela, a mpe a hlokomele le tseo e leng tsa ba bang.


Wa na wa dulelang metebong? Ana e ne e le ho utlwa dillo tsa mehlape? Melapong ya Rubene, dipelo di ne di ferekane haholo.