Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 32:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A ke ka baka lang le ratang ho nyebisa bana ba Iseraele ho tshelela naheng eo Jehova a ba neileng yona?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Le nyahamisetsang dipelo tsa bana ba Iseraele, hore ba se ke ba ya naheng eo Morena a ba neileng yona?

Ver Capítulo Copiar




Numere 32:7
9 Referencias Cruzadas  

Ba bolella Moshe, ba re: Re ile naheng eo o re rometseng ho yona; ruri, ke naha e kollang lebese le dinotshi; ke tsena ditholwana tsa teng.


Empa banna ba neng ba ile le yena ba ne ba re: Ha ho kamoo re ka nyolohang ho ya lwantsha batho bao kateng, hobane ba re feta ka matla.


Ke ana mabitso a bona: Lelokong la Rubene, Shammua, mora Sakkure;


Ba tloha thabeng ya Hore ka tsela ya Lewatle le Lefubedu, ba pota naha ya Edomo. Tseleng, setjhaba sa fellwa ke pelo, mme batho ba bua hampe ka Modimo le ka Moshe, ba re:


Moshe a araba bara ba Gade le bara ba Rubene, a re: Hleka banababo lona ba tla ya ntweng, lona le setse kwano na?


Ba nyoloha ho fihlela sekgutlong sa Eshkole; eitse hobane ba hlwele naha, ba nyebisa bana ba Iseraele ho ya naheng eo Jehova a neng a ba neile yona.


Pauluse a mpa a araba, a re: Le etsang ha le lla jwalo, le ho tepeletsa pelo ya ka? Athe ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa e le le ho shwela lebitso la Morena Jesu Jerusalema.


Re tla nyolohela kae? Banababo rona ba re nyahamisitse dipelo, ha ba itse: Ke setjhaba se re fetang ka bongata le ka boemo bo bolelele; ke metse e meholo e haheleditseng ka marako a fihlang lehodimong; re bone bana ba Anake teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos