Wa ba fa le mebuso le ditjhaba, mme wa ba arolela tsona ka dikoto; ba rua lefatshe la Sihone morena wa Heshbone, le lefatshe la Oge, morena wa Bashane.
Numere 32:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Atharothe, Dibone, Jaesere, Nimra, Heshbone, Eleale, Sebame, Nebo, le Beone, BIBELE “Dinaha tsa Atarote, le Dibone, le Jarese, le Nimera, le Heshebone, le Elale, le Sebama, le Nebo, le Beone; |
Wa ba fa le mebuso le ditjhaba, mme wa ba arolela tsona ka dikoto; ba rua lefatshe la Sihone morena wa Heshbone, le lefatshe la Oge, morena wa Bashane.
Metsi a Nimrime a sentswe, hobane hlaha e omeletse, jwang bo fedile teng, botala ha bo sa le yo.
Bakeng sa Moabe, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ho madimabe Nebo, hobane o sentswe; Kiryathaime o hapilwe, o hlabisitswe dihlong, Misgabe o hlabisitswe dihlong, o swabile.
Kganya ya Moabe e se e le siyo; Heshbone, ba hopotse bobe bakeng sa hae, ho thwe: Tloong, re mo fediseng, e se ke ya hlola e eba setjhaba; le wena Madmene, o ya bolawa, lerumo le tla o sala morao.
Ke o llela ho fetisa Jaesere, wena tshimo ya morara wa Sibma, wena eo makala a merara ya hao a neng a tshela mawatle ho ya fihla lewatleng la Jaesere. Mosenyi o wela ditholwaneng tsa hao le kotulong ya hao ya merara.
Pokollo ya Heshbone e utlwahala ho isa Eleale; e utlwahala le ho fihla Jahatse, ho tloha Tsoware, ho isa Horonaime le Eglathe-Shelishija; hobane le wona metsi a Nimrime a sentswe.
Babalehi ba eme moriting wa Heshbone ba kgathetse, empa mollo o tswile Heshbone, kgabo e tswile hara Sihone, mme e ja mahlakore a Moabe le dihlooho tsa hae ka moferefere.
ha ho le jwalo, bona, ke tla phetla lehlakore la Moabe, ho tloha metseng ya hae e pheletsong ya hae, e etsang naha botle: Bethe-Jeshimothe, Baale-Meone, le ho ea fihla Kiriathaime;
Hobane ho tswile mollo Heshbone, le lelakabe motseng wa Sihone; le tjhesitse Are-Moabe le marena a diphahameng tsa Arnone.
Re ba betsitse ka metsu ya rona. Tsohle di sentswe ho tloha Heshbone ho isa Dibone; re sentse ho ya fihla Nofake, le ho isa Medeba.
Jwale Moshe a romela ho ya hlwela Jaesere, mme ba kena metse ya teng, ba lelekisa Baamore ba neng ba ahile ho yona.
Bara ba Rubene le bara ba Gade ba ne ba ruile mehlape e mengatangata; ba bona hoba naha ya Jaesere le ya Gileade di tshwanela mehlape.
Yaba bara ba Gade le bara ba Rubene ba tla ho Moshe, le ho moprista Eleasare, le ho marena a phutheho, ba re ho bona:
ke Heshbone le metse yohle ya teng e ka sehlabeng; Dibone le Bamothe-Baale, le Bethe-Baale-Meone
Haesale Baiseraele ba ahile Heshbone le metseng ya teng, le Aroere le metseng ya teng, le metseng yohle e mabopong a Arnone, e leng ka dilemo tse makgolo a mararo, le sitilwe keng ho e lata ka motsotso o kalo?