Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 48:45 - Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Babalehi ba eme moriting wa Heshbone ba kgathetse, empa mollo o tswile Heshbone, kgabo e tswile hara Sihone, mme e ja mahlakore a Moabe le dihlooho tsa hae ka moferefere.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

45 “Baphaphathehi ba eme moriting wa Heshebone, ba eme teng ba qetilwe ke mokgathala, hobane mollo o hoteditswe wa hotetswa ka Heshebone, malakabe a laima a etswa tlung ya Sihone, a laima a tjhesa lehae la Bamoabe, a fedisa tlotla ya baikgantshi.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 48:45
12 Referencias Cruzadas  

Sihone, morena wa Baamore, le Oge, morena wa Bashane, le marena kaofela a Kanana;


Wa fedisa bahlankana ba bona ka mollo, mme barwetsana ba bona ha ba ka ba etsetswa mekete ya manyalo.


Le hona bana ba Nofe le ba Takpanese ba o beola hlooho.


Kganya ya Moabe e se e le siyo; Heshbone, ba hopotse bobe bakeng sa hae, ho thwe: Tloong, re mo fediseng, e se ke ya hlola e eba setjhaba; le wena Madmene, o ya bolawa, lerumo le tla o sala morao.


ke tla akgela mollo Moabe, o tle o tjhese matlo a borena a Keriothe, mme Moabe o tla timela moferefereng oo hara mokgosi le modumo wa terompeta;


Ho yena Juda ho tla tswa lejwe la ntlha, ho yena ho tswe kgokgwane, ho yena ho tswe seqha sa ntwa, ho tla tswa le ho yena babusi kaofela hammoho.


Baiseraele ba roma manqosa ho Sihone, morena wa Baamore, ka ho re:


Hobane Heshbone e ne e le motse wa Sihone, morena wa Baamore. Sihone o ne a lwane le morena wa Moabe ya neng a le teng pele, o ne a mo amohe naha ya hae yohle ho isa Arnone.


Hobane ho tswile mollo Heshbone, le lelakabe motseng wa Sihone; le tjhesitse Are-Moabe le marena a diphahameng tsa Arnone.


Ho madimabe, wena Moabe! O timetse, setjhaba sa Kemoshe! Se neetse bara ba sona palehong, le baradi ba sona kgolehong ya Sihone, ya morena wa Baamore.


Ke a e bona, empa e seng jwale, ke a e boha, empa e seng haufi. Naledi e tswa ho Jakobo, lere la borena le nyoloha Iseraeleng. O hlaba mahlakore a Moabe, mme o timetsa bana bohle ba moferefere;


Jesu a re ho bona: Ana ha le a ka la bala Mangolong taba e reng: Lejwe leo bahahi ba le lahlileng, ke lona le entsweng la motheo, la sekgutlo? Le entswe le jwalo ke Morena, mme ke le makatsang mahlong a rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos