Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 21:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Hobane ho tswile mollo Heshbone, le lelakabe motseng wa Sihone; le tjhesitse Are-Moabe le marena a diphahameng tsa Arnone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 “Mollo o qhomme Heshebone, kgabo ya tlola motseng wa Sihone, ya metsa Are-Moabe, le marena a dihlaba tsa Arenone.

Ver Capítulo Copiar




Numere 21:28
20 Referencias Cruzadas  

Wa fedisa bahlankana ba bona ka mollo, mme barwetsana ba bona ha ba ka ba etsetswa mekete ya manyalo.


Ka baka leo, Morena, Jehova wa makgotla, o tla otisa dinatla tsa Assiria; tlasa kganya ya hae ho tla tjha ho kang ho tjha ha mollo.


Metse ya Heshbone le Eleale e a howa, mantswe a yona a utlwahetse ho isa Jahatse; le bona bahale ba Moabe ba phahamisa mantswe a bona, dipelo tsa bona kaofela di a tepella.


Leha Moabe a ka nna a kgathala ke ho ya nqalong tse diphahameng, le ke ho kena tempeleng ya teng ho rapela, a ke ke a thusa letho.


ke tla akgela mollo kahara lerako la Tire, o tle o tjhese matlo a teng a borena.


ke tla akgela mollo Themane, o tle o tjhese matlo a borena a Botsra.


ke tla hotetsa mollo kahara lerako la Rabba, o tle tjhese matlo a teng a borena hara mokgosi, tshiung ya ntwa, hara ditsokotsane, tsatsing la sefefo.


ke tla akgela mollo tlung ya Hasaele, o tle o tjhese le matlo a borena a Ben-Hadade.


ke tla akgela mollo hara lerako la Gasa, o tle o tjhese matlo a teng a borena;


ke tla akgela mollo Moabe, o tle o tjhese matlo a borena a Keriothe, mme Moabe o tla timela moferefereng oo hara mokgosi le modumo wa terompeta;


ke tla akgela mollo Juda, o tle o tjhese matlo a borena a Jerusalema.


Vahebe wa Sufa, le dinokana tsa Arnone, le ho phalla ha dinokana ho lebileng nqa Are, ho isa moeding wa Moabe.


Ke ka baka leo baroki ba reng: Tloong Heshbone! Motse wa Sihone o tsoswe, o hahuwe!


Hosasane, Balake a nka Balaame, a mo nyolosetsa Bamothe-Baale; ha a le teng, Balaame a bona karolo ya ho qetella ya setjhaba sa Iseraele.


Kajeno, o ya feta meeding ya Moabe, Are;


Jehova a re ho nna: O se ke wa qala Bamoabe, mme o se ke wa ba lwantsha, hobane ha nka ke ka o nea letho naheng ya bona; kahobane ke neile bana ba Lota Are, hore e be lefa la bona.


Moutlwa wa re ho difate: Ha ekaba ke ka nnete le ntlotsang hore ke be morena wa lona, tlong, le tshabele moriting wa ka; ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe moutlweng, o je dikedare tsa Lebanone.


Ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe ho Abimeleke, mme o je beng ba Sikeme le ba ntlo ya Millo; mollo o ke o tswe le ho beng ba Sikeme le ba ntlo ya Millo, mme o je Abimeleke!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos