Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 21:28 - BIBELE

28 “Mollo o qhomme Heshebone, kgabo ya tlola motseng wa Sihone, ya metsa Are-Moabe, le marena a dihlaba tsa Arenone.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Hobane ho tswile mollo Heshbone, le lelakabe motseng wa Sihone; le tjhesitse Are-Moabe le marena a diphahameng tsa Arnone.

Ver Capítulo Copiar




Numere 21:28
20 Referencias Cruzadas  

Mollo wa timetsa bahlankana ba bona, barwetsana ba se ke ba binelwa, ba binelwa pina tsa lenyalo.


Ka baka leo, Morena, Morena wa mabotho, o tla etsa hore kwankwetla tsa kgosi di tsete, bakeng sa tlotla ya yona ho hotetswe mollo o tukang malakabe.


Ba Heshebone le ba Elale ba a howeletsa, mantswe a bona a utlwahala hohle ho ya fihla Jahase; kahoo le bahlabani ba Moabe ba a howeletsa, bahlabani bohle ba a thothomela.


Ha Bamoabe ba nyolohela bakeng tsa bona tsa borapedi, ba nyolohela lefeela; ha ba nyolohela tempeleng ya bona ho ya rapela, le teng ha ho na thuso.


Marako a Tire ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse.”


Motse wa Temana ke tla o tjesa, matlo a dikwele tsa Bosera ke a timetse.”


Marako a Raba ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse, hara mokorotlo, mohla tsatsi la ntwa, hara lehoduotswana, mohla tsatsi la sefefo.


Ntlo ya Hasaele ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Bene-Hadade ke a timetse.


Marako a Gasa ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse.


Naha ya Moabe ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Keriote ke a timetse. Moabe e tla timela ho le morusu, ho le mokorotlo, ho lla lenaka.


Naha ya Juda ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Jerusalema ke a timetse.”


le methipoloha ya dikgohlwana tse lelemellang diahelong tsa Are, tse sikang le moedi wa Moabe.”


Ke ka hona baroki ba reng: “Lona, tloong Heshebone! Ho hahwe motse wa Sihone, o tiye.


Ka la hosasane, Balake a tsamaya le Bileame, a mo isa Bamote-Baale, moo a ileng a bona karolo e nngwe ya setjhaba sa Iseraele.


‘Kajeno le tla feta meeding ya Moabe, ka tsela ya Are.


“Yaba Morena o re ho nna: ‘Le se ke la futuhela Moabe, le se ke la mo qholotsa hore a lwane. Nke ke ka le nea naha ya hae, hore e be ya lona, hobane Are ke e neile bana ba Lota hore e be ya bona.’ ”


“Empa leoka la re ho difate: ‘Haeba le fela le ntlotsa hore ke be kgosi ya lona, tloong, le tshabele moriting wa ka, empa haeba le sa etse jwalo eka mollo o ka tswa meutlweng ya ka, wa tjhesa difate tsa dikedare tsa Lebanone.’


Empa haeba ho se jwalo, eka mollo o ka tswa ho Abimeleke, wa tjhesa banna ba Shekeme le ba Bethemilo, mme eka mollo o ka tswa ho banna ba Shekeme le ho ba Bethemilo, wa tjhesa Abimeleke.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos