ho bara ba Kehathe, ya eba Uriele, hlooho, le banababo, e le batho ba lekgolo le nang le mashome a mabedi;
Numere 3:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) a bara ba Kehathe ka matlo a bona ke ana: Amrame, le Jitsehare, le Hebrone, le Usiele; BIBELE Bara ba Kohate, ho ya ka malapa abo bona: Amorare, le Isihare, le Heborone, le Usiele. |
ho bara ba Kehathe, ya eba Uriele, hlooho, le banababo, e le batho ba lekgolo le nang le mashome a mabedi;
Ho Hemane, bara ba Hemane ke Bukkia, Matthania, Usiele, Shebuele, Jerimothe, Hanania, Hanani, Eliatha, Giddalthi, le Romamthi-Esere, Joshbekasha, Mallothi, Hothire, le Mahasiothe.
Yaba Balevi ba tloha, e le Mahathe, mora Amasai, le Joele, mora Asaria, wa bara ba Bakehathe; ho bara ba Merari ya eba Kishe, mora Abdi, le Asaria, mora Jahalleleele; ho Bagershone ya eba Jowa, mora Simma, le Edene, mora Jowa;
Mabitso a bara ba Levi ka masika a bona ke ana: Gershone, Kehathe le Merari; mme dilemo tsa ho phela ha Levi tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
Bara ba Kehathe: Amrame, le Jitsehare, Hebrone, le Usiele: mme dilemo tsa ho phela ha Kehathe tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro.
Amrame o ne a nyetse Jokebede, rakgadiae, mme a mo tswalla Aarone le Moshe. Dilemo tsa ho phela ha Amrame tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
lesika la ntlo ya Nathane ka bonngwe, le basadi ba teng ka bonngwe; lesika la ntlo ya Levi ka bonngwe, le basadi ba teng ka bonngwe; lesika la Shimei ka bonngwe, le basadi ba teng ka bonngwe;
a bara ba Merari, ka matlo a bona ke ana: Mahali le Mushi. Ke wona matlo a Balevi ka matlo a bontata bona.
Ka Kehathe ho hlahile ntlo ya Baamrame, le ntlo ya Bajitsehare, le ntlo ya Bahebrone, le ntlo ya Bausiele; ke ao matlo a Bakehathe.