Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Sakaria 12:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 lesika la ntlo ya Nathane ka bonngwe, le basadi ba teng ka bonngwe; lesika la ntlo ya Levi ka bonngwe, le basadi ba teng ka bonngwe; lesika la Shimei ka bonngwe, le basadi ba teng ka bonngwe;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 lelapa la Levi le basadi ba lona, lelapa la Shimei le basadi ba lona,

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 12:13
16 Referencias Cruzadas  

Davida ha a fihla Bahurime, a bona ho etswa teng monna wa lesika la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora Gera; a tla a ntse a rohakana.


Empa moprista Tsadoke, le Benaia mora Jehojada, le moporofeta Nathane, le Shemei, le Rei, le bahlabani ba Davida, ha ba ka ba emela Adonija.


Bara ba Shimei ke Jahathe, Sina, Jeushe, le Beria. Bao ba bane ke bara ba Shimei.


Ho Bagershone, ya eba Laedane le Shimei.


Bara ba Pedaia ke Sorobabele, le Shimei; bara ba Sorobabele ke Meshullame, le Hanania, le kgaitsedi ya bona Shelomithe;


Shimei yena o ne a na le bara ba leshome le metso e tsheletseng le baradi ba tsheletseng; empa banababo ba ne ba se na bana ba bangata, mme masika a bona ha a ka a ata, jwaloka a bana ba Juda.


ho bara ba Hemane, Jehiele le Shimei; ho bara ba Jeduthune, Shemaia le Ussiele.


Lefatshe le tla lla, ho lle masika wohle ka bonngwe; lesika la ntlo ya Davida ka bonngwe, le basadi ba teng ka bonngwe;


leha e le masikeng a mang kaofela, lesika le leng le le leng ka bonngwe, le basadi ba teng ka bonngwe.


Ke ana mabitso a bara ba Gershone ka matlo a bona: Libni le Shimei;


a bara ba Kehathe ka matlo a bona ke ana: Amrame, le Jitsehare, le Hebrone, le Usiele;


a bara ba Merari, ka matlo a bona ke ana: Mahali le Mushi. Ke wona matlo a Balevi ka matlo a bontata bona.


Ka Gershone ho hlahile ntlo ya Balibni le ntlo ya Bashimei; ke ao matlo a Bagershone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos