La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 3:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Bona, ke nkile Balevi mahareng a bana ba Iseraele; ke ba nkile bakeng sa matsibolo wohle a tswetsweng ke bomma bana ba Iseraele; ka mokgwa o jwalo Balevi ke ba ka.

Ver Capítulo

BIBELE

“Bona, nna ka sebele ke nkile Balevi hara bana ba Iseraele, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele. Balevi e tla ba ba ka,

Ver Capítulo



Numere 3:12
8 Referencias Cruzadas  

Nkgethele matsibolo kaofela, tsohle tse qalang mpa hara bana ba Iseraele, leha e le a batho, leha e le a diphoofolo; ke a ka.


Bonang, ke nkile banababo lona, Balevi, hara bana ba Iseraele; ba ne ba abetswe Jehova, jwale ba abelwa lona, hore ba tle ba etse tshebetso ya tente ya pokano.


Jehova a bua le Moshe, a re:


O kgethele nna, ke leng Jehova, Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele; le dikgomo tsa Balevi bakeng sa matsibolo wohle a dikgomo tsa bana ba Iseraele.


O nke Balevi bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le dikgomo tsa Balevi bakeng sa dikgomo tsa bona, hore Balevi e be ba ka. Ke nna Jehova.


o tla kgetha Balevi ho bara ba Iseraele; mme Balevi e tla ba ba ka.


hobane ba neilwe nna ruri, hara bana ba Iseraele; mme ke inketse bona bakeng sa letsibolo le leng le le leng la mosadi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele.


Ke nkile Balevi bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele.