O tla hlatswa diteng le ditlhako ka metsi, mme moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke sona setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
Numere 28:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) O tla hlaba konyana ya bobedi mantsiboya, e ena le nyehelo le tshelo tse jwaloka tsa hosasa; ke sehlabelo se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova. BIBELE Konyana ya bobedi o tla nyehela ka yona ka phirimana, o nyehele ka yona le ka nyehelo ya seno e tsamayang le yona, e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena.’ ” |
O tla hlatswa diteng le ditlhako ka metsi, mme moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke sona setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
O tla roba nonyana pakeng tsa mapheo, empa a sa e kgaole kalehare, mme moprista o tla e tjhesa aletareng hodima patsi e beilweng mollong; ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
Tshelo e tla ba ya karolo ya bone ya hine hodima konyana ya hosasa; tshelo ya veine e hlwekileng o tla e etsetsa Jehova nqalong e halalelang.
Ka tsatsi la Sabatha, le tla hlaba konyana tse tona tse pedi tse lemo se le seng, tse se nang sekodi; le tla hlahisa nyehelo ya boshome ba bobedi ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, le yona tshelo ya yona.