Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 28:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Tshelo e tla ba ya karolo ya bone ya hine hodima konyana ya hosasa; tshelo ya veine e hlwekileng o tla e etsetsa Jehova nqalong e halalelang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Nyehelo ya seno e tsamayang le konyana ya pele e tla ba lethara e le nngwe ya veine e bohale, tseo o tla di qhatsetsa Morena ka Sehalalelong.

Ver Capítulo Copiar




Numere 28:7
17 Referencias Cruzadas  

o hlahise konyana e nngwe le e nngwe e na le tekanyo ya leshome ya phofo e sefilweng, e dubilweng tekanyong ya bone ya hine ya ole e hlwekileng, le tshelo ya karolo ya bone ya hine ya veine.


E tla ba sona setjheso sa kamehla sa meloko yohle ya lona, se hlahiswang monyako wa tente ya pokano pela Jehova, moo ke tla teana le lona, hore ke tle ke bue le wena teng.


Le se ke la tjhesetsa teng dibano disele, kapa setjheso, kapa nyehelo, mme le se ke la etsa ditshelo teng.


Majwana a melatswana ke kabelo ya hao, ke wona lefa la hao; o a tshela ka ditshelo tsa veine, o a beela dinyehelo. Na nka kgodiswa ke taba tse jwalo na?


Lona baprista, itlameng ka masela a mahwashe, le lle; lona bahlanka ba aletare, le bokolle. Tloong, le robale maseleng a mahwashe, lona bahlanka ba Modimo wa ka, hobane ha ho sa le nyehelo le tshelo tlung ya Modimo wa lona.


Nyehelo le tshelo ha di sa tliswa tlung ya Jehova; baprista, bahlanka ba Jehova, ba swabile.


Ho tseba mang? Ekaba o tla kgutla bohaleng ba hae, a le utlwele bohloko, mme mehlaleng ya hae a siye hlohonolofatso, nyehelo le tshelo tse ka isetswang Jehova, Modimo wa lona.


Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


le tla se ekeletsa ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo e tjheswang ka mollo, e monko o monate ho Jehova: tshelo ya veine eo le tla e hlahisa e be ya karolo ya bone ya hine.


nyehelo ya tshelo e be halofo ya hine ya veine; ke sehlabelo se hlahiswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


le tshelo ya karolo ya bone ya hine ya veine, eo o tla e hlahisa hammoho le setjheso kapa sehlabelo, bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe.


le tshelo ya karolo ya boraro ya hine ya veine, e be monko o monate ho Jehova.


Ditshelo e tla ba halofo ya hine ka pohwana; le karolo ya boraro ya hine ka pheleu; le karolo ya bone ya hine ka konyana. Ke sona setjheso sa qalo ya kgwedi, sa kgwedi e nngwe le e nngwe, sa dikgwedi tsohle tsa selemo.


Konyana tsa lona le tla kgetha tse se nang sekodi, mme le tla hlahisa le ditshelo tsa tsona.


Ke setjheso sa kamehla se nnileng sa hlahiswa thabeng ya Sinai; ke sehlabelo se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


O tla hlaba konyana ya bobedi mantsiboya, e ena le nyehelo le tshelo tse jwaloka tsa hosasa; ke sehlabelo se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Ekasita leha madi a ka a ka tshelwa sehlabelong le kananelong ya tumelo ya lona, teng nka thaba, ka thaba le lona bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos