Wa atisa bana ba bona, ba eba ka ka dinaledi tsa lehodimo, mme wa ba kenya lefatsheng leo o neng o boleletse bontata bona hore ba tla kena ho lona, ba le rue.
Numere 26:51 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke bona bao bara ba Iseraele ba kileng ba balwa, e leng ba dikete tse makgolo a tsheletseng a motso o mong tse nang le makgolo a supileng a mashome a a mararo. BIBELE Palo ya bana ba Iseraele ba badilweng e ne e le dikete tse makgolo a tsheletseng le motso o le mong le makgolo a supileng le mashome a mararo. |
Wa atisa bana ba bona, ba eba ka ka dinaledi tsa lehodimo, mme wa ba kenya lefatsheng leo o neng o boleletse bontata bona hore ba tla kena ho lona, ba le rue.
Wa tsamaisa setjhaba sa hao jwalokaha ho tsamaiswa dinku, ka letsoho la Moshe le la Aarone.
Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba ya Sukkothe, e le banna ba maoto ba dikete tse makgolo a tsheletseng, kantle ho bana.
ya eba beka bakeng sa e mong le e mong, halofo ya shekele, ha ho uwa ka shekele ya sehalalelo, bakeng sa bohle ba badilweng, ho tloha ho ba dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele, ba etsa dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro tse nang le makgolo a mahlano a mashome a mahlano.
Ba ngotsweng bohle ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso a meraro, tse nang le makgolo a mahlano a nang le mashome a mahlano.
Moshe a re: Setjhabeng seo ke leng hara sona, ho na le banna ba dikete tse makgolo a tsheletseng, mme o re: Ke tla ba fa nama, mme ba tla e ja ka kgwedi e tletseng.
Ke bona bao bana ba Iseraele, ba kileng ba ngolwa ka matlo a bontata bona. Bongata jwa ba ngodilweng ba matlo ao, ka makgotla a bona, ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro, tse nang le makgolo a mahlano a mashome a mahlano.