Bana ba Iseraele ba tloha, mme ba emisa mahwatateng a Moabe, mose wane ho Jordane, mabapa le Jeriko.
Numere 26:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe le moprista Eleasare ba fela ba bua le bona mahwatateng a Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko; BIBELE Bo-Moshe le moprista Eleasare ba bua le setjhaba se le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko, ba re: |
Bana ba Iseraele ba tloha, mme ba emisa mahwatateng a Moabe, mose wane ho Jordane, mabapa le Jeriko.
ba re: Ho balwe ba dilemo tse mashome a mabedi le ba ka pele ho moo, kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng, mohla Baiseraele ba tswileng naheng ya Egepeta.
Bana ba Iseraele ke bao, bao Moshe le moprista Eleasare ba kileng ba ba bala mahwatateng a Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko.
mme ba tshwerweng, le kgapo yohle, le thepa, ba di tlisetsa Moshe, le moprista Eleasare, le phutheho ya bana ba Iseraele diahelong, lehwatateng la Moabe, haufi le Jordane, mabapa le Jeriko.
Ba tloha thabeng tsa Abarime, ba emisa mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko.
Moshe a tloha mahwatateng a Moabe, a nyolohela thabeng ya Nebo, qhoweng ya Pisga malebana le Jeriko; Jehova a mmontsha lefatshe lohle: naha yohle ya Gileade ho isa Dane,
A patwa naheng ya Moabe, sekgutlong se lebaneng le Bethe-Peore; empa ha ho motho ya tsebileng lebitla la hae ho fihlela letsatsing la kajeno.
Bana ba Iseraele ba llela Moshe, mahwatateng a Moabe, ka matsatsi a mashome a mararo; matsatsi a dillo le a bofifi ba Moshe a ba a fela.