Numere 24:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Leha ho le jwalo, Mokene o tla lelekwa, mme Moassiria o tla o nkela hole o le moholehuwa. BIBELE leha ho le jwalo, lona Bakene, le tla timetswa, Asure e tla le hapa, le be bathopuwa.” |
tsa atamela ho Sorobabele le ho dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, tsa re: A re keng re hahe le lona, etswe le rona re batla Modimo wa lona jwaloka lona, mme re ntse re o hlabela, haesale mohla Esare-Haddone, morena wa Assiria, a re falaleditseng kwano.
Baassiria le bona ba ikopantse le bona, ba adimile bana ba Lota matsoho a bona. (Sela.)
Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau.