Ke tla atisa ditloholo tsa hao jwaloka lerole la lefatshe, hore ha motho a ka tseba ho bala lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a tsebe ho di bala.
Numere 23:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ke mang ya ka balang lerole la Jakobo, ya ka bolelang karolo ya bone ya palo ya Iseraele? A nke ke shwe lefu la ba lokileng, mme bofelo ba ka bo tshwane le jwa bona! BIBELE Ke mang ya ka balang ditloholo tsa Jakobo? Ke mang ya ka balang karolo ya bone ya Baiseraele? A nke ke shwe lefu la ba lokileng! Pheletso ya ka e ke e tshwane le ya hae.” |
Ke tla atisa ditloholo tsa hao jwaloka lerole la lefatshe, hore ha motho a ka tseba ho bala lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a tsebe ho di bala.
ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.
Ditloholo tsa hao di tla ba ka ka lerole la lefatshe; o tla namela bophirimela le botjhabela, le leboya le borwa, mme mefuta kaofela ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho wena le ho mofuta wa hao.
Lemoha ya lokileng, o tadime motho wa toka; hobane motho wa kgotso o sa tla bona ditloholo,
Bongata jwa ba ngodilweng, ba diahelo tsa ntlo ya Rubene, ya eba dikete tse lekgolo le le leng le nang le mashome a mahlano a motso o mong, tse nang le makgolo a mane a nang le mashome a mahlano, ka palo ya makgotla a bona. Ke bona ba tlang ho tloha ba bobedi.
Bongata jwa ba ngodilweng, ba diahelo tsa ntlo ya Efraime, ya eba dikete tse lekgolo le le leng le metso e robileng meno e le mmedi, tse nang le lekgolo le le leng, ka palo ya makgotla a bona. Ke bona ba tlang ho tloha ba boraro.
Bongata jwa ba ngodilweng, ba diahelo tsa ntlo ya Juda, ya eba dikete tse lekgolo le le leng le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e tsheletseng, tse nang le makgolo a mane, ka palo ya makgotla a bona. Ke bona ba tla tloha pele.
Ba bolaya marena a Midiane; boEvi, le Rekeme, le Tsure, le Hure, le Reba, marena a mahlano a Midiane, le yena Balaame, mora Beore, ba mmolaya ka lerumo.
Efela re a tseba hoba mohla ntlo ena ya rona ya lefatshe, e kang motlotlwane, e senyehang, re na le leaho mahodimong le tswang ho Modimo, e leng ntlo e sa kang ya etswa ka matsoho, e sa feleng.
Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Ngola: Ho lehlohonolo bafu ba shwelang Moreneng ho tloha jwale! Moya o re: E, hoba ba ya phomola mesebetsing ya bona; hobane mesebetsi ya bona e a ba latela.