Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 31:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba bolaya marena a Midiane; boEvi, le Rekeme, le Tsure, le Hure, le Reba, marena a mahlano a Midiane, le yena Balaame, mora Beore, ba mmolaya ka lerumo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Hara ba bolailweng, dikgosi tsa Bamidiane tse bolailweng e ne e le Efi, le Rekeme, le Sure, le Hure, le Reba, e leng dikgosi tse hlano tsa Bamidiane. Le Bileame, mora wa Beore, ba mmolaya ka sabole.

Ver Capítulo Copiar




Numere 31:8
21 Referencias Cruzadas  

Ya madimabe o hloreha ke boikgohomoso ba bakgopo, o tshwaswa marabeng a lohilweng ke bona,


Jehova o iponahaditse, o lokisitse; o tshwasa ya kgopo ketsong ya diatla tsa hae. (Higgaione. Sela.)


Bokgabane ba ba lokileng bo tla ba tsamaisa; empa bokgopo ba ba babe bo tla ba timetsa.


Moromuwa e mobe o kudisa batho; empa moromuwa ya tshepehang o a fodisa.


Ke bone ditente tsa Ethiopia di imelwa ke tlokotsi, ho thothomela le masela a ditente tsa lefatshe la Midiane.


Balaame a araba Modimo, a re: Balake, mora Tsippore, morena wa Moabe, o ba romile ho nna ka ho re:


Moabe a re ho baholo ba Midiane: Bongata boo bo ya qeta tsohle tse ka mathoko ho rona, jwaloka dikgomo ha di fula botala ba naha. Mohlang oo, Balake, mora Tsippore, e ne e le yena morena wa Moabe.


Yaba o romela manqosa ho ya bitsa Baalame, mora Beore, ya neng a ahile Pethore e pela noka, naheng ya bara ba setjhaba sa hae, mme a re ho yena: Bona, setjhaba se tswile Egepeta; se apesitse lefatshe, mme se ahile mabapa le nna.


A ke mang ya ka balang lerole la Jakobo, ya ka bolelang karolo ya bone ya palo ya Iseraele? A nke ke shwe lefu la ba lokileng, mme bofelo ba ka bo tshwane le jwa bona!


Jwale, ke ikela ho ba heso; tlo o he, ke o bolelle seo setjhaba sena se tla se etsa ho setjhaba sa hao mehleng e tlang.


Yaba Balaame o ema, a tloha a kgutlela ha hae; le yena Balake a ya ka tsela ya hae.


Lebitso la mosadi wa Midiane ya bolailweng, e ne e le Kosbi, moradi wa Tsure, morena wa setjhabana le wa ntlo e nngwe ya bontata Bamidiane.


hobane le bona ba le entse jwaloka dira ka ho le qeka ka mano tabeng ya Peore le tabeng ya Kosbi, moradi wa morena e mong wa Midiane, le kgaitsedi ya bona, ya bolailweng ka tsatsi la sewa se kileng sa hlaha ka taba ya Peore.


sewa sa ba sa wela hodima phutheho ya Jehova?


Bana ba Iseraele ba hapa basadi ba Bamidiane le bana ba bona, mme ba hapa makgomo a bona kaofela, le mehlape ya bona kaofela, le maruo wohle a bona.


Ba kgelohile tsela e lokileng, ba lahlehile, ba ile ka tsela ya Balaame, mora Bosore, ya ratileng moputso wa bokgopo.


Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.


Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona.


Empa ke na le ditaba tse seng kae, tseo ke di nyatsang ho wena: ke hobane mona o na le ba yang ka thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos