Yaba Davida o re ho Nathane: Ke sitetswe Jehova. Nathane a re ho Davida: Le yena Jehova o se a fetisitse sebe sa hao, o ke ke wa shwa.
Numere 22:34 - Sesotho 1909/1961 (SO) Balaame a re ho lengeloi la Jehova: Ke sitilwe kahobane ke ne ke sa tsebe hoba o eme pela ka tseleng; mme jwale, ha o nnyatsa, ke tla kgutla. BIBELE Bileame a re ho lengeloi la Morena: “Ke sitilwe, hobane ke ne ke sa tsebe hore o nthibetse tsela. Haeba o nkgalefetse nka mpa ka kgutla.” |
Yaba Davida o re ho Nathane: Ke sitetswe Jehova. Nathane a re ho Davida: Le yena Jehova o se a fetisitse sebe sa hao, o ke ke wa shwa.
Yaba Faro o romela ho bitsa Moshe le Aarone, a re ho bona: Kajeno ke sitetswe Jehova; ke yena ya lokileng, nna le setjhaba sa ka re molato.
esere mohlomong Jehova a bona hoo, a ho fumana ho le hobe, mme a kgaotsa bohale ho yena.
Setjhaba sa korotla, mme ha eba hobe ditsebeng tsa Jehova; Jehova a utlwa, mme kgalefo ya hae ya tuka; mollo wa Jehova wa tuka hara bona, wa qeta karolo ya diahelo e kamorao.
Ba tsoha e sa le ka meso, ba hlwela nqa qhoweng ya thaba, ba re: Ke rona bana; re tla nyolohela lefatsheng le boletsweng ke Jehova, hobane re sitilwe.
Modimo wa re ho Balaame: O ke ke wa ya le bona, mme o ke ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonolofaditswe.
Esele e mpone, mme e se e kile ya kgeloha hararo pela ka. Hoja e sa ka ya kgeloha pela ka, nka ba ke o bolaile, mme nka be ke e tlohetse e phele.
Moo Saule a re ho Samuele: Ke sitilwe, hobane ke tlotse molomo wa Jehova le taba tsa hao; empa ke ne ke tshaba setjhaba, ka mamela mantswe a sona ke hona.
Saule a re: Ke sitilwe; leha ho le jwalo, ako ntlhonephe jwale pontsheng ya baholo ba setjhaba sa ka le pontsheng ya Iseraele, re kgutle le wena, ke tle ke kgumamele Jehova, Modimo wa hao.
A boela a re ho Davida: Wena, o mphetisa ka ho loka, hobane o nkentse hantle, athe nna ke o entse hampe.
Ebile Saule o re: Ke sitilwe; boya, Davida, mora ka, hobane ha ke sa tla hlola ke o etsa hampe, ka baka la hobane bophelo ba ka bo bile thata mahlong a hao kajeno lena; bona, ke entse ka bothoto, ke fositse haholoholo.