Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Ba tsoha e sa le ka meso, ba hlwela nqa qhoweng ya thaba, ba re: Ke rona bana; re tla nyolohela lefatsheng le boletsweng ke Jehova, hobane re sitilwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

40 Setjhaba sa tsoha e sa le hosasa, sa nyolohela hodima tlhoro ya thaba, sa re: “Bonang re mona, re tla ya sebakeng seo Morena a buileng ka sona, hobane re sitilwe.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:40
8 Referencias Cruzadas  

Bobe bona bo ka ho tsohle tse etswang tlasa letsatsi, ke hoba kotsi e le nngwe e hlahela bohle; eba pelo tsa bana ba batho di tlala bobe, mme pelo tsa bona di tlala bowatla ho pheleng ha bona; kamora moo, ba ikela ho bafu.


Empa motho ya etsang ka boomo, kapa e leng ya tswaletsweng ha eno, kapa e leng moditjhaba, yena o hobosa Jehova; motho eo o tla tloswa setjhabeng sa hae.


Balaame a re ho lengeloi la Jehova: Ke sitilwe kahobane ke ne ke sa tsebe hoba o eme pela ka tseleng; mme jwale, ha o nnyatsa, ke tla kgutla.


Etlare monga ntlo ha a se a tsohile, mme a kwetse monyako, lona le tla qala ho ema kantle, le ho kokota monyako, le re: Morena, Morena, re bulele! Mme o tla araba, a re ho lona: Ha ke le tsebe moo le tswang teng.


Yaba le a mphetola, la re ho nna: Re sitetswe Jehova. Re tla nyoloha, re lwane kahohle kamoo Jehova, Modimo wa rona, a re laetseng kateng. La nka dibetsa tsa lona, mme la phehella ho nyolohela thabeng.


Ka le bolella jwalo, la mpa la hana ho utlwa; la ikgantshetsa taelo ya Jehova; la etsa ka boikgohomoso, mme la nyolohela thabeng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos