Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:40 - BIBELE

40 Setjhaba sa tsoha e sa le hosasa, sa nyolohela hodima tlhoro ya thaba, sa re: “Bonang re mona, re tla ya sebakeng seo Morena a buileng ka sona, hobane re sitilwe.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Ba tsoha e sa le ka meso, ba hlwela nqa qhoweng ya thaba, ba re: Ke rona bana; re tla nyolohela lefatsheng le boletsweng ke Jehova, hobane re sitilwe.

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:40
8 Referencias Cruzadas  

Bona ke bona bobe bo teng dinthong tsohle tse etsahalang mona lefatsheng. Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang. Dipelo tsa batho di tletse bokgopo, di bile di na le bohlanya ha batho bao ba sa ntsane ba phela, mme hamorao ba balellwa le bafu.


“ ‘Empa motho ya tlolang molao ka boomo, e ka ba letswallwa la naha kapa mojaki, eo o nyefola Morena, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Bileame a re ho lengeloi la Morena: “Ke sitilwe, hobane ke ne ke sa tsebe hore o nthibetse tsela. Haeba o nkgalefetse nka mpa ka kgutla.”


Ha monga ntlo a se a ile a ema, a kwala monyako, mme le qala ho ema kantle le ho kokota monyako, le re: ‘Monghadi, ako re bulele;’ o tla le araba, a re: ‘Ha ke tsebe hore na le ba hokae.’


“Lona le ile la araba, la re ho nna: ‘Re sitetswe Morena. Re tla nyoloha, mme re lwane jwalokaha Morena Modimo wa rona, a re laetse.’ Monna e mong le e mong wa lona a hlomela, la re ke ntho e bobebe ho nyolohela naheng e maralla.


“Ke ile ka bua ho lona, empa ha le a ka la mamela. Le ile la fetohela taelo ya Morena, la ikakasa, mme la nyolohela naheng e maralla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos