Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 14:41 - BIBELE

41 Empa Moshe a re: “Ke ka baka lang ha le tlola taelo ya Morena, ha e le moo ho bonahala hore e ke ke ya atleha?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Yaba Moshe o re: Na ke ka baka lang ha le tlola taelo ya Jehova jwalo? Hona hoo ho ke ke ha le fetohela molemo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 14:41
7 Referencias Cruzadas  

Moya wa Modimo wa theohela hodima Sekariya, mora wa moprista Jehoyada, mme yena a ema hara setjhaba, a re: “Modimo o bua tjena: ‘Ke ka baka lang le tlolang ditaelo tsa Morena, le bile le sa atlehe? Ke kahobane le furaletse Morena, mme le yena o le furaletse.’ ”


Ha Modimo a halefa ba a timela, fefo sa kgalefo ya hae se ba fedise.


Le moo Egepeta, o tla kgutla, o kgutle teng matsoho o a beile hloohong, hoba Morena o furaletse bao o ba tshepang, mme ba ke ke ba o fumantsha katleho.”


E tla isa Sedekiya kwana Babilona, mme o tla hlola moo ho fihlela ke mo etela,’ ho rialo Morena. ‘Leha o ka lwana le Bakalatiya ha o ka ke wa atleha.’ ”


Kaha Baamaleke le Bakanana ba ahile ka kgohlong ya naha eo, hosasane lona le kgelohe, le lebe lehwatateng, ka tsela e yang Lewatleng la Lehlaka.”


“Empa Morena a re ho nna: ‘Ere ho bona: Le se ke la nyoloha, mme le se ke la ya lwana, esere la hlolwa ke dira tsa lona, hobane ha ke yo hara lona.’


Jwale ke hobaneng o sa kang wa mamela lentswe la Morena, yaba o se o wela kgapo ka mahlo a matsho, mme wa etsa ho hobe mahlong a Morena?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos