Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.
Numere 22:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Modimo wa re ho Balaame: O ke ke wa ya le bona, mme o ke ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonolofaditswe. BIBELE Modimo a re ho Bileame: “O se ke wa ya le banna bao. O se ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonofaditswe.” |
Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.
Asaria, moprista e moholo, wa lesika la Tsadoke, a mmolella, a re: Haesale kabelo e ntshwang e qala ho tliswa ka tlung ya Jehova, re jele, re bile re kgotshe, mme re bile re siile ho hongata; hobane Jehova o hlohonolofaditse setjhaba sa hae; mme se setseng ke setha seo se seholo.
ho lehlohonolo setjhaba seo ho leng jwalo ho sona! Ho lehlohonolo setjhaba seo Jehova e leng Modimo wa sona!
Ho lehlohonolo eo Modimo wa Jakobo e leng thuso ya hae, eo tshepo ya hae e beilweng ho Jehova, Modimo wa hae!
Leloko la bona le tla tsejwa hara ditjhaba, le ditloholo tsa bona hara merabe; bohle ba tlang ho ba bona ba tla ba tseba hoba ke leloko le hlohonolofaditsweng ke Jehova.
Setjhaba sa ka, hopola hle seo Balake, morena wa Moabe, a neng a se rerile, le seo Balaame, mora Beore, a mo arabetseng sona, le tse hlahileng ho tloha Sittime ho ya fihla Gilgale, o tle o tsebe ketso tse lokileng tsa Jehova.
Bona, setjhaba se tswile Egepeta, mme se apesitse lefatshe; tloo jwale, o se rohake; ekaba mohlomong ke tla se hlola, ke se lelekise.
Balaame a tsoha hosasa, a re ho marena a Balake: Kgutlelang fatsheng la lona, hobane Jehova o hana ha ke eya le lona.
Tloo ho nna hle, o nthohakele tjhaba seo, hobane se mpheta ka matla; ke moo mohlomong nka se hlolang, ka ba ka se lelekisa naheng ena; hobane ke a tseba hoba eo o mo hlohonolofatsang o hlohonolofetse, mme eo o mo rohakang o rohakilwe.
Jakobo a ke ke a louwa, le Iseraele a ke ke a nohelwa. Jwale ho tla bolellwa Jakobo le Iseraele mosebetsi o sebeditsweng ke Modimo.
Balaame a re ho Balake: Ema mona pela setjheso sa hao, mme ke tla ya thokonyana; mohlomong Jehova a ka tshoha a nkgahlanyetsa, mme ke tla o bolella seo a tla ntshenolela sona. Mme a ya phenyoleng.
Na nka rohaka jwang eo Modimo o sa kang wa mo rohaka? Na nka halefela jwang eo Jehova a sa mo halefeleng?
O finne mangole, o bothile jwaloka tau le jwaloka tau e tshehadi; ke mang ya ka mo tsosang? Ho hlohonolofatswe ba o hlohonolofatsang, ho rohakwe ba o rohakang!
Yare ha a sa dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a romela ho yena, a re: O se ke wa ba le taba, leha e le e nngwe, le motho eo ya lokileng; hobane ke utlwile bohloko bo boholo ka baka la hae, ha ke lora kajeno.
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;
Hobane Jehova, Modimo wa hao, o o hlohonolofaditse mesebetsing yohle ya matsoho a hao; o lemohile ho tsamaya ha hao lefeelleng leno le leholo; e se e le dilemo tse mashome a mane Jehova, Modimo wa hao, a leng ho wena, mme ha o a ka wa hloka letho.
Leha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa hao, ha a ka a dumela ho utlwa Balaame, empa Jehova, Modimo wa hao, thohako eo o o fetoletse yona hlohonolofatso, kahobane Jehova, Modimo wa hao, o a o rata.
O lehlohonolo hakakang, Iseraele! Setjhaba ke sefe se tshwanang le wena, setjhaba se pholositsweng ke Jehova, e leng thebe ya thuso ya hao, le lerumo la boholo ba hao? Dira tsa hao di tla ikokobetsa pela hao, mme o tla hatakela nqalo tsa bona tse phahameng.
O tla hlohonolofatswa ho fetisa ditjhaba tsohle; banna le basadi ba nyopileng ba tla hlokahala hara lona, le metshelo e tla ba siyo mehlapeng ya lona.