Ka la hosasane, ba hlabela Jehova mahlabelo, mme ba ntshetsa Jehova ditjheso tsa dipohwana tse sekete, le tsa dipheleu tse sekete, le tsa dikonyana tse sekete, ka ditshelo tsa tsona, le mahlabelo a mangata a Baiseraele kaofela.
Numere 15:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) le tshelo ya karolo ya boraro ya hine ya veine, e be monko o monate ho Jehova. BIBELE Bakeng sa nyehelo ya seno o nyehele ka veine e etsang lethara e le nngwe le halofo, e be e monko o monate, e amohelehang ho Morena. |
Ka la hosasane, ba hlabela Jehova mahlabelo, mme ba ntshetsa Jehova ditjheso tsa dipohwana tse sekete, le tsa dipheleu tse sekete, le tsa dikonyana tse sekete, ka ditshelo tsa tsona, le mahlabelo a mangata a Baiseraele kaofela.
o hlahise konyana e nngwe le e nngwe e na le tekanyo ya leshome ya phofo e sefilweng, e dubilweng tekanyong ya bone ya hine ya ole e hlwekileng, le tshelo ya karolo ya bone ya hine ya veine.
Bakeng sa pheleu, o tle o hlahise nyehelo ya dikarolo tse pedi tsa leshome tsa phofo e dubilweng ka karolo ya boraro a hine ya ole;
Ha o hlahisa pohwana e be setjheso, kapa sehlabelo se phethang maikano, kapa sehlabelo sa teboho ho Jehova,
Laela bana ba Iseraele, o re ho bona: Sehlabelo sa ka le sejo sa ditjheso tsa ka tse nang le monko o monate ho nna, le bone hore le ntlhahisetse tsona ka nako ya tsona.
Tshelo e tla ba ya karolo ya bone ya hine hodima konyana ya hosasa; tshelo ya veine e hlwekileng o tla e etsetsa Jehova nqalong e halalelang.
le seroto sa mahobe a se nang ditomoso, le dinkgwana tse entsweng ka lefi la phofo, tse dubilweng ka ole, le maqebekwane a se nang ditomoso a tlotsitsweng ka ole, le dinyehelo tsa tsona le dino tsa tsona.
Morara wa re ho tsona: Nka tlohela jwang veine ya ka e thabisang Modimo le batho, hore ke ye ho okamela difate tse ding na?