Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 6:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 le seroto sa mahobe a se nang ditomoso, le dinkgwana tse entsweng ka lefi la phofo, tse dubilweng ka ole, le maqebekwane a se nang ditomoso a tlotsitsweng ka ole, le dinyehelo tsa tsona le dino tsa tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 A tlise le seroto se nang le bohobe bo sa lomoswang, ba phofo e thumisehileng, le maqebekwane a dubilweng ka ole, le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le nyehelo ya bona ya dijo, le dinyehelo tsa bona tsa dino.

Ver Capítulo Copiar




Numere 6:15
15 Referencias Cruzadas  

O nke pohwana le dipheleu tse pedi tse hlokang sekodi, le bohobe bo sa lomoswang, le dinkgwana tse se nang ditomoso, tse dubilweng ka ole, le maqebekwane a se nang ditomoso, a tlotsitwseng ka ole; o tle o di etse ka phofo e sefilweng ya koro;


Empa ba kotulang koro, ba tla e ja ba ntse ba boka Jehova, mme ba kgileng ditholwana tsa veine, ba tla e nwa mabaleng a sehalalelo sa ka.


Lona baprista, itlameng ka masela a mahwashe, le lle; lona bahlanka ba aletare, le bokolle. Tloong, le robale maseleng a mahwashe, lona bahlanka ba Modimo wa ka, hobane ha ho sa le nyehelo le tshelo tlung ya Modimo wa lona.


Nyehelo le tshelo ha di sa tliswa tlung ya Jehova; baprista, bahlanka ba Jehova, ba swabile.


Ho tseba mang? Ekaba o tla kgutla bohaleng ba hae, a le utlwele bohloko, mme mehlaleng ya hae a siye hlohonolofatso, nyehelo le tshelo tse ka isetswang Jehova, Modimo wa lona.


Ekare ha o rata ho hlahisa nyehelo ya tse apehwang seboping, a e ke e be dinkgwa tse se nang ditomoso, tsa lefi la phofo tse dubilweng ka ole, le maqebekwane a sa lomoswang, a tlotsitsweng ka ole.


Ekare ha e mong a se hlahisa ka teboho, e ka kgona a hlahise hammoho le sehlabelo sa teboho bohobe bo sa lomoswang, bo dubilweng ka ole, le maqebekwane a sa lomoswang, a tlotsitsweng ka ole, le dinkgwana tsa lefi la phofo tse hadikilweng ka ole, tse dubilweng ka ole.


Nka Aarone le bara ba hae, le diaparo, le ole ya tlolo, le pohwana ya sehlabelo sa sebe,


le nke le kgomo le pheleu tsa sehlabelo sa teboho, tse tla hlajwa pela Jehova; le nke le nyehelo e dubilweng ka ole; hobane kajeno, Jehova o tla iponahatsa ho lona.


nyehelo ya tshelo e be halofo ya hine ya veine; ke sehlabelo se hlahiswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Moprista o tla hlahisa dintho tseo pela Jehova, mme o tla hlahisa sehlabelo sa monasari sa sebe le setjheso sa hae.


Empa leha le eja, leha le enwa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Modimo ka tsona.


Efela kamehla yohle, ha le eja bohobe boo, mme le nwela senwelong seo, etlaba le bolela lefu la Morena, a tle a be a fihle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos