Jehova a re ho Satane: Na ha o a ka wa lemoha Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho motho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.
Numere 12:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ha ho jwalo le mohlanka wa ka, Moshe; o tshepehile tlung ya ka kaofela; BIBELE Ho mohlanka wa ka Moshe ha ho jwalo; ka tlung ya ka yohle o a tshepahala. |
Jehova a re ho Satane: Na ha o a ka wa lemoha Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho motho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.
Jehova o ne a bua le Moshe ba tadimane difahleho, ka mokgwa oo motho a buang le motswalle wa hae ka wona, o ntoo kgutlela diahelong; haele mohlanka wa hae, Joshua, mora Nune, wa mohlankana, o ne a sa tlohe tenteng.
Ke re ho lona: Kannete, hara ba tswetsweng ke basadi, ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.
Ana le ne le ile ho bonang? A e ne e le moporofeta na? E, ke rialo ho lona, ya fetisang le moporofeta.
Moshe ha a bona mohlolo oo, a makala ke wona; a re a sa atamela ho tadimisisa, lentswe la Morena la mo tlela, la re:
ke tla ba hlahisetsa moporofeta ya tswang hara banababo bona, ya jwaloka wena; ke tla bea mantswe a ka molomong wa hae, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.
hore, leha nka dieha, o tle o tsebe kamoo ho tshwanetsweng ho etswa kateng, ka tlung ya Modimo, eo e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.
Eitse hobane Moshe, mohlanka wa Jehova, a timele, Jehova a bolella Joshua, mora Nune, qobo ya Moshe, a re:
Moshe, mohlanka wa ka, o timetse; tsoha jwale, o tshele Jordane ena, wena le setjhaba sena kaofela, mme o kene lefatsheng leo ke le neileng bana ba Iseraele.