Ho bara ba Sabulone, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
Numere 1:31 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba ngotsweng ba leloko la Sabulone ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e supileng, tse nang le makgolo a mane. BIBELE Ba morabe wa Sebulone ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e supileng le makgolo a mane. |
Ho bara ba Sabulone, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
Haele bara ba Josefa, ho bara ba Efraime ba ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.
le lekgotla la hae, ka ba ngotsweng ba hae, banna ba dikete tse mashome a mahlano a metso e supileng, tse nang le makgolo a mane.
Ke wona matlo a Basabulone, ka palo ya bona; ke batho ba dikete tse mashome a tsheletseng tse nang le makgolo a mahlano.