Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 1:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Haele bara ba Josefa, ho bara ba Efraime ba ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Hara bana ba Josefa ha balwa bana ba Efraime ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 1:32
14 Referencias Cruzadas  

Mme a mo rea lebitso la Josefa (kekeletso), a re: Jehova a nkekeletse mora e mong.


Naheng ya Egepeta, Josefa a tswala Manasse le Efraime, bao a ba tswaletsweng ke Asnathe, moradi wa Poti-Fera, moprista wa One.


ke le lahle, le tle le tloswe pela ka, jwalokaha ke setse ke lahlile banababo lona bohle, e leng leloko la Efraime kaofela.


Ba ka nqa borwa ba tla rua thaba ya Esau, ba lehwatata ba rue Bafilesta. Ba tla rua le naha ya Efraime, le naha ya Samaria, Benjamine yena a rue Gileade.


Ba ngotsweng ba leloko la Sabulone ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e supileng, tse nang le makgolo a mane.


Ba ngotsweng ba leloko la Efraime ya eba dikete tse mashome a mane, tse nang le makgolo a mahlano.


Haele bakeng sa Josefa, a re: Naha ya hae e tla hlohonolofatswa ke Jehova ka tse molemo haholo tsa mahodimo, ka phoka le ka tsa bodiba bo leng tlasa lehodimo;


Bokgabane ba hae bo jwaloka ba letsibolo la dikgomo tsa hae, mme dinaka tsa hae di jwaloka dinaka tsa nare; ka tsona o tla hlaba ditjhaba tsohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe; ke dikete tse mashome tsa Efraime, ke dikete tsa Manasse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos