Lea a emola, a tswala mora, a mo rea lebitso la Rubene (bonang mora), kahobane a ne a re: Jehova o tadimile ho hlora ha ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.
Numere 1:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ba ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona; mabitso a ba batona bohle ka bonngwe, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho isa ho ba fetang moo, banna bohle ba ka yang ntweng. BIBELE Ha balwa bana ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. |
Lea a emola, a tswala mora, a mo rea lebitso la Rubene (bonang mora), kahobane a ne a re: Jehova o tadimile ho hlora ha ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.
Bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e mmedi. Bara ba Lea ke Rubene, mora wa Jakobo wa letsibolo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Issaskare, le Sabulone.
Bana ke bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele. E ne e le yena letsibolo; empa kahobane a ne a silafaditse malao a ntatae, boholo ba hae ba ho tswalwa bo ne bo neilwe bara ba Josefa, mora Iseraele; leha ho le jwalo, e ne e se hore Josefa a ngolwe mangolong a meloko ka ho re o na le boholo ba ho tswalwa.
Ba ngotsweng ba leloko la Rubene ya eba dikete tse mashome a mane a metso e tsheletseng, tse nang le makgolo a mahlano.