Rubene a arabela ntatae, a re: Ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, o tle o bolaye bara ba ka ba babedi; nnee yena matsohong a ka, mme ke tla mmusetsa ho wena.
Mabitso a bara ba Levi ka masika a bona ke ana: Gershone, Kehathe le Merari; mme dilemo tsa ho phela ha Levi tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ba ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona; mabitso a ba batona bohle ka bonngwe, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho isa ho ba fetang moo, banna bohle ba ka yang ntweng.
Ke wona ao matlo a Barubene; batho ba bona ba kileng ba balwa, ba etsa dikete tse mashome a mane a metso e meraro tse nang le makgolo a supileng a mashome a mararo.