La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 9:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ka dilemo tse mashome a mane, o nnile wa ba otla feelleng; ha ba ka ba hloka letho; diaparo tsa bona ha di a ka tsa senyeha, le maoto a bona ha a ka a ruruha.

Ver Capítulo

BIBELE

Ka lemo tse mashome a mane, lehwatateng, wa ba fepa, ba se ke ba hloka letho; aparo tsa bona tsa se ke tsa taboha, maoto a bona a se ke a ruruha.

Ver Capítulo



Nehemia 9:21
9 Referencias Cruzadas  

Ditawana di ka hloka, tsa lapa; empa ba batlang Jehova ha ba haellwe ke molemo leha o le mong.


Bana ba Iseraele ba ne ba je manna ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ba kena naheng eo batho ba leng teng ho yona; ba eja manna ho isa ha ba fihla moeding wa lefatshe la Kanana.


Na, ha le ne le le feelleng ka dilemo tse mashome a mane, le ne le ntlhahisetse mahlabelo le dinyehelo, lona ba ntlo ya Iseraele?


Wa nna wa ba etsetsa ka mohau feelleng, ka dilemo tse mashome a mane.


Hobane Jehova, Modimo wa hao, o o hlohonolofaditse mesebetsing yohle ya matsoho a hao; o lemohile ho tsamaya ha hao lefeelleng leno le leholo; e se e le dilemo tse mashome a mane Jehova, Modimo wa hao, a leng ho wena, mme ha o a ka wa hloka letho.


Ke le tsamaisitse feelleng ka dilemo tse mashome a mane; diaparo tsa lona ha di a ka tsa senyeha ho lona, le dieta tsa hao ha di a ka tsa haraswana maotong a hao.


Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.


Diaparo tsa hao ha di a ka tsa senyeha hodima hao, mme maoto a hao ha a ka a ruruha ka dilemo tseo tse mashome a mane.