Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 5:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Na, ha le ne le le feelleng ka dilemo tse mashome a mane, le ne le ntlhahisetse mahlabelo le dinyehelo, lona ba ntlo ya Iseraele?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 “Lona ba ntlo ya Iseraele, na le nnyeheletse ka tse hlabilweng, la nketsetsa le tsona dinyehelo ka lemo tse mashome a mane, la di etsa lehwatateng?

Ver Capítulo Copiar




Amose 5:25
12 Referencias Cruzadas  

Eitse le mohla ba neng ba iketseditse namane e tsholotsweng, ba re: Ke wona Modimo wa lona o le nyolotseng Egepeta; leha ba kile ba o phephetsa hakalo,


Ka dilemo tse mashome a mane, o nnile wa ba otla feelleng; ha ba ka ba hloka letho; diaparo tsa bona ha di a ka tsa senyeha, le maoto a bona ha a ka a ruruha.


hobane ba ne ba lahlile melao ya ka, ba sa ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka; hape, ba ne ba silafaditse Disabatha tsa ka, etswe pelo tsa bona di ne di latela ditshwantsho tsa bona.


kahobane ba sa ka ba etsa ka melao ya ka, ba mpa ba lahlile dikomelo tsa ka, ba silafaditse Disabatha tsa ka, mme mahlo a bona a nna a latela ditshwantsho tsa bontata bona.


Ba mpa ba ikgantshetsa nna, ba hana ho nkutlwa; ha ho e mong ho bona ya kileng a lahla diila tse kapele ho mahlo a hae, leha e le ho furalla ditshwantsho tsa Egepeta, mme ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke tle ke phethise bohale ba ka hodima bona naheng ya Egepeta.


Ba se ke ba hlola ba hlabela diphooko tseo ba di latelang bootsweng ba tsona. Ke oo molao o sa feleng oo ba tlang ho ya ka wona melokong yohle ya bona.


Ha le nnile la itima dijo le ho lla ka kgwedi ya bohlano le ya bosupa, ka lemo tseo tse mashome a supileng, hleka le ne le itimela nna na?


Ha ho le jwalo, tshabang Jehova jwale, le mo sebeletse ka sebele le ka nnete; le lahle medimo eo bontata lona ba ileng ba e sebeletsa mose wane ho noka, le Egepeta, mme le sebeletse Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos