Davida ha a fihla Mahanaime, Shobi, mora Nahashe wa Rabba, wa bana ba Ammone, le Makire, mora Ammiele wa Lodebare, le Barsillai, Mogileade wa Roglime,
Nehemia 7:63 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, baneng ba baprista, ya eba bana ba Hobaia, le bana ba Hakkotse, le bana ba Barsillai bao ntata bona a neng a nyetse e mong wa baradi ba Barsillai Mogileade, a bile a rewa lebitso la habo bona. BIBELE “Ana ke malapa a baprista, e leng ditloholo tsa Habaya, le tsa Kose, le tsa Barasilai, ya neng a nyale e mong wa baradi ba Barasilai wa Mogileade, mme a be a se a ipitsa ka yena. |
Davida ha a fihla Mahanaime, Shobi, mora Nahashe wa Rabba, wa bana ba Ammone, le Makire, mora Ammiele wa Lodebare, le Barsillai, Mogileade wa Roglime,
Haele bana ba Barsillai wa Gileade, o ba etsetse ka lereko, ba dule le ba jang tafoleng ya hao; hobane ba tlile ho nna ka lereko, mohla ke balehelang ngwaneno Absalome.
Mabapa le bona, ha lokisa Meremothe, mora Uria, mora Hakkotse. Mabapa le bona, ha lokisa Meshullame, mora Berekia, mora Meshesabeele; mabapa le bona, ha lokisa Tsadoke, mora Baana;
Ke bana ba Delaia, le bana ba Tobia, le bana ba Nekoda ba makgolo a tsheletseng a mashome a mane a metso e mmedi.
Bano ba kile ba batla mangolo a mabitso a bona mangolong a masika, ba mpa ba se ke ba a fumana; ba balwa ke hona e le ba sa hlwekang, mme ba ntshwa bopristeng.