Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 7:63 - BIBELE

63 “Ana ke malapa a baprista, e leng ditloholo tsa Habaya, le tsa Kose, le tsa Barasilai, ya neng a nyale e mong wa baradi ba Barasilai wa Mogileade, mme a be a se a ipitsa ka yena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

63 Hape, baneng ba baprista, ya eba bana ba Hobaia, le bana ba Hakkotse, le bana ba Barsillai bao ntata bona a neng a nyetse e mong wa baradi ba Barsillai Mogileade, a bile a rewa lebitso la habo bona.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 7:63
8 Referencias Cruzadas  

Ha Davida a fihla Mahanaime, a kgahlanyetswa ke Shobi, mora wa Nahashe, ya tswang motseng wa Baamone wa Raba, le Makiri, mora wa Amiele wa Lo-Dabare, le Barasilai wa Mogileade ya tswang Rogeleme.


“Ha e le bana ba Barasilai wa Mogileade, bona o ba etse hantle, e be ba bang ba ba jang le wena, hobane ba ile ba nkgauhela ha ke ne ke baleha ngwaneno Abosalome.


le Kose, ya ileng a tswala Anube, le Hasobeba, le ba morabe wa Aharahele, mora wa Harume.


Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a tsosa lerako a bapile le bara ba Hasena. Meshulame, mora wa Berekiya, setloholo sa Meshesabele, yena a le tsosa a bapile le Meremote. Sadoke, mora wa Baana, a le tsosa a bapile le Meshulame.


Ba lelapa la Delaya, le la Tobiya, le la Nekoda ba ne ba le makgolo a tsheletseng le mashome a mane a metso e mmedi.


“Bana ba ile ba batla buka ya leloko la bona hara tse ding tsa maloko, empa ba se ke ba e fumana; ka baka leo, ba ntshwa tshebeletsong ya boprista, hobane ho ne ho thwe ha ba a hlweka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos