Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 7:64 - Sesotho 1909/1961 (SO)

64 Bano ba kile ba batla mangolo a mabitso a bona mangolong a masika, ba mpa ba se ke ba a fumana; ba balwa ke hona e le ba sa hlwekang, mme ba ntshwa bopristeng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

64 “Bana ba ile ba batla buka ya leloko la bona hara tse ding tsa maloko, empa ba se ke ba e fumana; ka baka leo, ba ntshwa tshebeletsong ya boprista, hobane ho ne ho thwe ha ba a hlweka.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 7:64
8 Referencias Cruzadas  

Baiseraele kaofela ba balwa jwalo masikeng a bona; ba ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele. Haele Juda, a iswa kgolehong Babilona ka baka la meikgantsho ya hae.


Oho, Modimo wa ka, o ba elellwe hobane ba silafaditse baprista le selekane sa boprista le sa Balevi!


Yaba Modimo wa ka o kenya pelong ya ka kgopolo ya ho phutha baholo le mahosana le setjhaba, hore ba balwe ka masika a bona. Ka fumana buka ya masika a ba neng ba tlile pele, ka fumana teng ho ngodilwe, ho thwe:


Hape, baneng ba baprista, ya eba bana ba Hobaia, le bana ba Hakkotse, le bana ba Barsillai bao ntata bona a neng a nyetse e mong wa baradi ba Barsillai Mogileade, a bile a rewa lebitso la habo bona.


Mmusisi a ba bolella hore ba se no ya ntho tse halalelang, ho be ho hlahe moprista ya ka emang pela Modimo a tshwere Urime le Thummime.


Ha ekaba ya entseng sebe ke moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihetse batho molatong, o tla hlahisetsa Jehova pohwana e se nang sekodi ka baka la sebe seo a se entseng, e le sehlabelo sa sebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos