Yaba ke a ba kgalemela, ka ba rohaka, ka ba ka otla ba bang, ka ba hlotha meriri; mme ka ba hlapantsha ka Modimo, ka re: Se neeng baradi ba lona ho bara ba bona, mme le se nkele bara ba lona baradi ba bona; le lona le se ke la inkela bona!
Nehemia 5:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha ke utlwa qoso eo le mantswe ao, ka halefa haholo. BIBELE Ke ile ka halefa haholo ha ke utlwa sello sa bona le dipolelo tsa bona. |
Yaba ke a ba kgalemela, ka ba rohaka, ka ba ka otla ba bang, ka ba hlotha meriri; mme ka ba hlapantsha ka Modimo, ka re: Se neeng baradi ba lona ho bara ba bona, mme le se nkele bara ba lona baradi ba bona; le lona le se ke la inkela bona!
Ka eletsana le pelo ya ka hore e ka kgona ke kgalemele baholo le mahosana. Ka re ho bona: E mong le e mong le adima banababo lona ka phahello. Yaba ke ba biletsa pitso e kgolo.
Bahlanka bana ba hao kaofela ba ya tla ho nna, ba iname ho nna, ba re: Tswa, wena, le setjhaba sohle se o setseng morao; mme e be hona ke tswang. Yaba Moshe o tloha ho Faro, a tletse bohale.
Yaba Moshe o hlabeha haholo, a re ho Jehova: O se ke wa amohela nyehelo ya bona. Ha ke eso ho ba ke ba amoha leha e le esele feela, mme ha ke a senyetsa le a mong wa bona.
A ba habanya ka bohale, a swabile ke bothata ba dipelo tsa bona; yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.
Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lona;