Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 11:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Bahlanka bana ba hao kaofela ba ya tla ho nna, ba iname ho nna, ba re: Tswa, wena, le setjhaba sohle se o setseng morao; mme e be hona ke tswang. Yaba Moshe o tloha ho Faro, a tletse bohale.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Bahlanka bana ba hao bohle, ba tla tla ho nna, mme ba nkgumamele, ba re: ‘Tsamaya, wena le batho bohle ba o setseng morao,’ mme kamorao ho moo le nna ke tla tsamaya.” Moshe a tloha ho Faro, kgalefo ya Faro e tlokoma.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 11:8
18 Referencias Cruzadas  

Ben-Hadade a romela hape ho yena, a re: Medimo e nketse ka hore le ka hore, ha lerole la Samaria le ka lekana diatla tsa setjhaba kaofela se ntatelang.


Yaba morena wa Iseraele, le morena wa Juda, le morena wa Edomo a tloha, a potoloha ka ditshiu tse supileng; ha hlokahala metsi a makgotla le a dipelesa tse a latelang.


Eitse ha ke utlwa qoso eo le mantswe ao, ka halefa haholo.


Jehova, o se ke wa ntaya bohaleng ba hao, o se ke wa nkotla kgalefong ya hao!


Moshe a re: O a bolela, ha ke sa tla hlola ke bona sefahleho sa hao.


Marena e tla ba bafepi ba hao, mafumahadi a wona e be baanyesi ba hao; ba tla itihela fatshe ka difahleho pela hao, ba nyeke lerole le maotong a hao; mme o tla tseba hobane ke nna Jehova, le hobane ba ntshepang ba ke ke ba swaba.


Ke tla etsa hore ba o hlorisitseng ba je nama ya mmele ya bona, ba tahwe ke madi a bona, jwaloka hoja ba tahilwe ke veine e ntjha; mme nama yohle e tla tseba hobane nna Jehova ke Mmoloki wa hao, le hobane nna Molopolli wa hao ke mohale wa Jakobo.


Moya wa nkuka, wa ya le nna; ka ya ke hlabehile, ke hlokofetse pelo, mme letsoho la Jehova la sebetsa ho nna ka matla.


Yaba Nebukadnesare o tlala bohale, sefahleho sa hae sa hlwenyetsa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, a laela hore ho beswe sebopi hasupa ho fetisa kamoo ba neng ba se besa kateng mehla.


Haele Moshe, e ne e le monna ya mosa, ya mosa ho fetisa motho ofe le ofe ya lefatsheng.


A ba habanya ka bohale, a swabile ke bothata ba dipelo tsa bona; yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.


bona le ditjhaba tsohle ba tla re: Na ke ka baka lang ha Jehova a entse lefatshe lena jwalo? Kgalefo ya bohale bona bo boholo hakalo e tswa kae na?


Ba tla qetwa ke tlala, ba jewe ke mofuthu wa febere, le ke tshenyo e babang; ke tla ba romela meno a dibatana le mahloko a dinoha tse hahabang leroleng.


Ka tumelo, o kile a tloha Egepeta, a sa tshabe bohale ba morena, kahobane o ne a tiya jwaloka hoja a bona ya sa bonweng.


Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.


Barake a phuthela Sabulone le Nefthali, Kedeshe, ka mokgosi, mme a nyoloha a setswe morao ke banna ba kete tse leshome; le yena Debora a nyoloha le yena.


Ebile o re ho batho ba Sukkothe: Neang banna bao ke nang le bona bohobe, etswe ba kgathetse, ke tle ke phallele Seba le Tsalmunna, marena a Midiane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos