Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 11:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa ho bana ba Iseraele kaofela, leha e le ho batho, leha e le ho diphoofolo, ha ho ka ke ha eba le ntja e itshisinyang leleme, le tle le tsebe hobane Jehova o kgethile Baegepeta ho Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Empa hara bana ba Iseraele bohle, ha ho le ntja e tla ke e rorele motho kapa phoofolo, e le hore le tle le tsebe hore Morena o kgetholla Baegepeta ho Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 11:7
11 Referencias Cruzadas  

tshepo e teng ho ya fokotseng, mme ba sa lokang ba thijwa molomo.


Ekare ha e mobe a sa kgutle, Modimo seqha sa wona, o se tjhehile,


Batho ba sitwa ho bonana, mme ho se ke ha eba motho ya tsohang ditulong tsa hae ka ditshiu tse tharo; empa bana ba Iseraele kaofela ba eba le lesedi moo ba ahileng teng.


Dingaka tsa Egepeta tsa etsa jwalo le tsona ka boupelli ba tsona; mme pelo ya Faro ya thatafala hore a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Yaba dingaka di re ho Faro: Ke monwana wa Modimo. Leha ho le jwalo, pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Ka tsatsi leo, ke tla kgetha naha ya Goshene, eo setjhaba sa ka se dutseng ho yona, mme ha ho ka ke ha eba menwang teng, hore o tle o tsebe hobane nna Jehova ke teng hara lefatshe.


Feela sefako sa eba siyo naheng ya Goshene, moo bana ba Iseraele ba neng ba le teng.


Jehova o tla kgetha mehlape ya Iseraele ho mehlape ya Baegepeta, mme ha ho ka ke ha eshwa letho la tsohle tsa bana ba Iseraele.


Le tla boela le bone, kamoo ho fapaneng ya lokileng le ya kgopo kateng, ya sebeletsang Modimo le ya sa o sebeletseng!


Hobane ke mang ya o kgethang ho e mong? Mme o na le eng eo o sa kang wa e fuwa? Mme ekare ha o e filwe, o ka ithorisa jwang, jwaloka hoja o sa ka wa e fuwa?


Jwale, setjhaba sohle sa boela ka kgotso diahelong ho Joshua, Makkeda, ho se motho ya sebang bana ba Iseraele ka leleme la hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos