Ke tla mo fihlela a sa kgathetse, a fokotse matsoho, ke mo tshose; setjhaba sohle se leng ho yena se tla baleha; ke tla bolaya yena morena a nnotshi.
Nehemia 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) O se ke wa apesa bokgopo ba bona, mme o se ke wa hlakola sebe sa bona pela hao; hobane ba o halefisitse pela ba hahang. BIBELE O se ke wa ba tshwarela bokgopo ba bona, mme o se ke wa lebala dibe tsa bona, hobane ba o halefisitse kapele ho dihahi.” |
Ke tla mo fihlela a sa kgathetse, a fokotse matsoho, ke mo tshose; setjhaba sohle se leng ho yena se tla baleha; ke tla bolaya yena morena a nnotshi.
Ra tsosa lerako jwalo, mme lerako lohle la kopanngwa ho isa bohareng ba lona; haele setjhaba, se ne se rata ho sebetsa.
Makgopo a bontatae a ke a boele a fihle kelellong pela Jehova, sebe sa mmae se se ke sa hlakolwa;
Oho Modimo, nkgauhele ka lereko la hao; ka mehauhelo e meholo ya hao o hlakole ditlolo tsa ka!
Bao e leng batho feela ba tla kokobetswa, le bona baholo ba nyenyefatswe; o ke ke wa ba tshwarela.
Ke nna, ke nna ya tlosang ditlolo tsa hao ka baka la ka; ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa hao.
Ke hlakotse ditlolo tsa hao jwaloka mohodi, le dibe tsa hao jwaloka leru; sokolohela ho nna, hobane ke o lopolotse.
Mme wena Jehova, o tseba hobane merero kaofela wa bona bakeng sa ka ke ho mpolaya. O se ke wa apesa molato wa bona, o se hlakole sebe sa bona pela mahlo a hao; ba ke ba kgothometswe pontsheng ya hao; tsatsing la kgalefo ya hao o ba etse jwalo.
Bolotsana kaofela ba bona bo ke bo hlahe pela hao, o ba etse kamoo o nkentseng kateng ka baka la bokwenehi bohle ba ka, hobane ho fehelwa ha ka ho hoholo, mme pelo ya ka e a shwa.
Aleksandere, setei sa koporo, o nkentse hampe haholoholo. Morena o tla busetsa ho yena ho lekanang mesebetsi ya hae.