Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 2:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Bao e leng batho feela ba tla kokobetswa, le bona baholo ba nyenyefatswe; o ke ke wa ba tshwarela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Batho bohle ba tla obama, banna bohle ba ikokobetse, o se ke wa ba tshwarela, Morena.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 2:9
16 Referencias Cruzadas  

O se ke wa apesa bokgopo ba bona, mme o se ke wa hlakola sebe sa bona pela hao; hobane ba o halefisitse pela ba hahang.


bao e leng batho feela, le lona marena, le ya ruileng le ya fumanehileng, bohle hammoho!


Wena, Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele, tsoha ho laya ditjhaba tsohle! O se ke wa hauhela le a mong wa baeki le ba bolotsana bao! (Sela.)


Bana ba batho ke lefeelafeela, le bara ba batho ke leshano feela; ha le ka ba bea sekaleng, ba ka phahama feela; kaofela hammoho ke lefeela.


Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.


Bao e leng batho feela ba tla kokobetswa, ba baholo ba nyenyefatswe, mahlo a baikgantshi a kobotetswe.


Mme Jehova wa makgotla o tla ikgodisa ka dikahlolo, Modimo o halalelang o ikgalaletse ka ho loka.


Wa ya itlhahisa ho morena wa teng ka ole, o nkile tse nkgang hamonate; o romile manqosa a hao holehole, wa itebisa ho ya fihla nqalong ya bafu.


Mme wena Jehova, o tseba hobane merero kaofela wa bona bakeng sa ka ke ho mpolaya. O se ke wa apesa molato wa bona, o se hlakole sebe sa bona pela mahlo a hao; ba ke ba kgothometswe pontsheng ya hao; tsatsing la kgalefo ya hao o ba etse jwalo.


Empa ya nyefolang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa le ka mohla o le mong, empa o tla ba le molato wa sebe se sa feleng.


hobane bohle ba sitilwe, mme ha ba tshwanelwe ke kganya ya Modimo.


Motho a se ke a le hlokisa moputso ka ho rata ha hae, ka taba tse kang boikokobetso, le tshebeletso ya mangeloi, a ikenya ho tseo a sa kang a di bona, ke ho ikgohomosetsa lefeela ka kutlo ya hae ya nama,


di na le botumo ba bohlale ba hore ke ho sebeletsa Modimo ka ho itlama, le ka ho ikokobetsa, le ka ho se hauhele mmele, athe ke tsa lefeela, hobane ke ho kgorisa nama feela.


Ebile Joshua o re ho setjhaba: Le tla sitwa ho sebeletsa Jehova, kahobane ke Modimo o halalelang, ke Modimo o boulelang, o ke keng wa le lesella ditlolo tsa lona le dibe tsa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos